TATAISO YA MORALO O KOPANTSWENG WA NTSHETSOPELE
DITOKISETSO
MORALO O KOPANTSWENG WA NTSHETSOPELE
MORALO O KOPANTSWENG WA NTSHETSOPELE
DITOKISETSO
MORALO O KOPANTSWENG WA NTSHETSOPELE
SELELEKELA
Mmuso wa selehae ke karolo ya bohlokwa e nang le seabo ntshetsopeleng ya Afrika-Borwa. Mokgwatshebetso wa diphetoho tse etswang mabapi le ho thehwa ha bomasepala ba matlafetseng, ba hlokang kgethollo ya morabe, ke leano la bohlokwa bakeng la ho thusa mmuso wa selehae hore o fihlelle seabo sa ona ntshetsopeleng.
Mehato ya bohlokwa bakeng la mokgwatshebetso mabapi le diphetoho tsena ke:
ho fana ka sebopeho sa leano le hlakileng hape le nang le tshusumetso ka ho sebedisa ?White Paper? (tokomane ya ditherisano) e mabapi le mebuso ya selehae;
ho sehwa hape ha meedi ho entseng hore ho be teng bomasepala ba matlafetseng;
ho fana ka moralo o motjha mabapi le mmuso wa selehae bakeng la ho thehwa ha Molao wa Dibopeho tsa bomasepala mmoho le Molao wa Dibopeho tsa Bomasepala.
Ka mora dikgetho tsa mebuso ya selehae tse neng di tshwerwe ka la 5 Tshitwe 2000, mebuso ya nakwana ya selehae e ile ya fihla pheletsong, mme mebuso e metjha ya qala ka sebetsa e ikemetse ka boyona.
Moralo o Kopantsweng wa Ntshetsopele ke e tse ding tsa disebediswa tseo mmuso wa selehae o ka rarollang seabo se setjha sa ona sa ntshetsopele. Ha ho tadingwa tsela eo mmuso wa selehae o neng o sebetsa ka yona nakong e fetileng, ho fapana le ka moo moralo o kopantsweng wa ntshetsopele o sebetsang ka teng kajeno bolaoding ba bomasepala, mme sena se etswa e le karolo ya hlohlomiso e kopantsweng, mme e le mabapi le morero wa ho fana ka ditshebeletso setjhabeng. Mokgwatshebetso bakeng la Moralo o Kopantsweng wa Ntshetsopele o ka kgona ho fihlela diqeto bakeng la ntlha tse kang ditekanyetso tsa bomasepala, taolo ya mobu, ntshetsopele ya moruo wa selehae, mme sena se ka etswa ka tsela e otlolohileng e se nang dikgetshe. Moralo o Kopantsweng wa ntshetsopele, o lokela ho tataisa ditshebetso tsohle tse tswang mafapheng a mang a mmuso, a poraefete a fanang ka ditshebetso, Mekgatlo e seng ya Mmuso mmoho le mekgatlo ya poraefete e ka hara sedika sa masepala.
Nakong e fetileng ho fumaneha hore makgotla a selehae a nakwana a ne a se a lokisetsa ho kenya tshebetsong Moralo o Kopantsweng wa Ntshetsopele. Sena se ne se etsahala tlasa maemo a sa jeseng ditheohelang. Nakong eo moralo wa semolao o ne o eso kengwe tshebetsong. Makgotla a selehae a mangata a ne a se na matla a ho laola ditshebelletso tse jwalo. Ho ne se ho se na tsela e lokileng ya tshebetso mmoho le lenaneo le lotomaneng la kwetliso. Le ha ho le jwalo, bao ba neng ba sebetsana le moralo o kopaneng wa ntshetsopele ya nako e fetileng, ba iphumane ba ithutile tsa bohlokwa, mme makgotla a selehae a mmalwa ha jwale a se a entse tswelopele e bonahalang bakeng la ho thehwa ha maano a tshebetso a tla thusa ho ntlafatsa ho kengwa tshebetsong ha diprojeke le mananeo.
Ha jwale, bakeng la bakhanselara ba kgethilweng botjha, ho teng mokgwatshebetso o motjha o tla sebetsa bakeng la Moralo o Kopantsweng wa Ntshetsopele o tla latela:
Bukana ena ya Moralo o Kopantsweng wa Ntshetsopele, e ile ya ntlafatswa le ho ntshetswa pele ke DLPG ka tshehetso ya GTZ, mme yona e fana ka moralo o fetileng dihlahlobong tse itseng mmoho le mokgwa wa ho kengwa tshebetsong, tseo bobedi di kgonehang ho ka utlwisiseha. Sena se kenyelletsa dithuto tseo ho ithutilweng tsona mekgweng e fetileng ya MKN.
Ha jwale ho teng lenaneo la kwetliso naheng ka bophara bakeng la balaodi ba masepala, bahlanka ba tsa tekgeniki, bakhanselara mmoho le bahlanka ba profeshene tse ikgethang tse thusang bao ba nang le seabo ho bomasepala kaofela.
Mokgwatshebetso wa naha ka bophara bakeng la bomasepala ba selehae (PIMSS) oo e leng ona mokokotlo wa ditaba, o ntse o seka-sekwa ho ka thehwa boemong ba dikopano tsa didika.
Palo e kgolo ya bomasepala , SALGA, mafapha a diprovense a mmuso wa selehae mmoho le mafapha a fumanehang naheng ka bophara, kaofela ha tsona di nkile seabo bakeng la hore bukana ena e ntjha e be teng. Ka hona, ke na le tshepo e tiileng ya hore diphatlalatso tsena di tla tswela batho molemo, di ba fe morolo haholo bao ba amanang le mokgwatshebetso wa MKN. Maikemisetso ke ho etsa hore MKN e be sesebediswa se tla rarollang ditlhoko tsa kahisano le moruo ka hara setjhaba sa rona.
DITATAISO KA HARA LETOTO LENA DI KENYELLETSA:
E fana ka selelekela/kamohelo ka hare ho MKN (Moralo o Kopantsweng wa Ntshetsopele) mmoho le kgutsufatso a kgutshwane ya Bukana ya Tataiso ya MKN.
TATAISO I: DITATAISO
E fana ka tataiso bakeng la maikemisetso, tse ka hare, mmoho le mekgwatshebetso ya Moralo wa Kopanelo wa Ntshetsopele. Tataiso, ntle le hore e toloke Molao wa 2000 wa Dibopeho tsa Bomasepala, e tswela pele mabapi le ditlhoko jwalo ka ha di hlaha ka hare ho Molao ona.
E fana ka thuso mabapi le ho rala mokgwa wa tshebetso. E hatella hodima tlhakiso ya boikarabelo ka hara mokgatlo mmoho le ho ikamahanya le mekgwa ya tshebetso mehatong e fapaneng.
TATAISO III: MOKGWA MABAPI LE MOTJHA O LATELWANG
E fana ka tlhaloso e otlolohileng mabapi le mehato e latelwang bakeng la Moralo o Kopantsweng wa Ntshetsopele, mmoho le ho rala diketsahalo tsa mohato ka mong ho ikamantswe le lesedi hodima:
maikemisetso (?hobaneng??)
se batlwang (?eng??) le mokgwatshebetso o kgothalletswang (?jwang??) mmoho le ntlha tsa mokgatlo (?mang??)
TATAISO IV: LEBOKOSO LA DISEBEDISWA
E fana ka dikgetho tse fapaneng bakeng la mawa a ka sebediswang mabapi le ho rala diketsahalo tse ka akanyang hore na ke sesebediswa sefe se ka sebediswang.
TATAISO V: LEKALA LE DITEKANYO/BOHOLO
E fana ka tataiso mabapi le ho amanya tse sa angweng ke MKN le leano la kakaretso kapa ka moo maano a makala a itseng a ka amangwang le mekgwa ya tshebetso ya MKN.
E fana ka tataiso mabapi le:
Ho rala dikamano tsa ho kenya tshebetsong
Ho kengwa tshebetsong ha disebediswa tse reretsweng taolo.
Tebelo le disebediswa tsa tshebetso ya taolo
Ho lekola botjha Meralo e Kopantsweng ya Ntshetsopele
TSE KA HARE
SELELEKELA: HO LOKISETSA MOKGWATSHEBETSO WA MKN
Se lokelang ho lokiswa ke eng?
Ditlhoko tsa semolao mabapi le Ho lokisetsa mokgwatshebetso wa MKN.
Ditokomane tse hlokahalang: Leano la mokgwatshebetso wa moralo mmoho le sebopeho.
Mokgwatshebetso mabapi le Ditokisetso.
Tataiso eo tokomane ena e fanang ka yona.
HO AROLELANWA HA DIABO (dikarolo) MMOHO LE BOIKARABELO
DIHLOPHISO TSA MOKGATLO
METJHA MMOHO LE DITSELA TSE LATELWANG BAKENG LA HO NKA SEABO HA SETJHABA
KAKANYO MABAPI LE LENANEO LA MEHATO E NKUWANG
METJHA LE DITSELA BAKENG LA BOIKAMAHANYO/HO TSEPAMA
MELAO E TLAMANG YA NAHA LE PROVENSE MMOHO LE DITLHOKO TSA HO ETSA MORALO
DITEKANYETSO BAKENG LA MOKGWATSHEBETSO HA HO ETSWA MORALO
SEBOPEHO
Mohato wa I: Tshekatsheko
Mohato wa V: Ho tjhaellwa monwana
DINTLHA TSA MOO DITSEBI DI KA FUMANEHANG TENG
SELELEKELA: HO LOKISETSA MOKGWATSHEBETSO WA MKN
Tataiso ya II e thusa bolaodi ba masepala ho fihlela boitokiso ba ona ba mosebetsi bakeng la mokgwatshebetso wa MKN. Mona ho hlaloswa hore ho ralwa ho itseng bakeng la ho lokelang ho ralwa.
Selelekela sena se o tlisetsa tse latelang:
mabaka a makgutshwane bakeng la mokgwatshebetso bakeng la ditokisetso, mme mona ho hlaloswa se lokelang ho lokiswa le hobaneng ho etswa sena (1.1)
ho hlahiswa le ho tolokwa ha dilhoko tsa semmuso bakeng la boitokiso (1.2)
kgutsufatso ya ditokomane (le tse ka hare tsa tsona) tse lokelang ho bokelletswa bakeng la mokgwatshebetso o mabapi le ditokisetso (1.3)
tataiso ka kakaretso mabapi le ka moo mokgwatshebetso wa ditokisetso o tla latelwa ka teng (1.4).
ho hlahlojwa hape ha ha tse ka hare tsa tataiso (Tataiso II) ena, e halosang ka moo e tla o tataisang ka teng le ho o bontsha hore na dikgato tse fapaneng tsa boitokiso mmoho le mesebetsi di fihlellwa jwang.
SE LOKELANG HO LOKISWA KE ENG?
Bakeng la ho kgwaritsa Moralo o Kopantsweng wa Ntshetsopele (MKN) ho ka nka bonyane dikgwedi tse robong hobane ho hlokahala banka-seabo ba bangata, ke hore, ba ka hara masepala le ba ka ntle ho masepala. Mokgwa ona o batla hore dihlophiso di etswe ka tsela e tswileng matsoho. Ho batlahala hore ho be teng moralo/polane ya kgwebo:
ho arolelanwa ha dikarolo le boikarabelo ho lokela ho hlakiswa nako e sa le teng, mme lefapha la ka hare le amanang le ditabatabelo tsa basebetsi le lokela hore le ikarabelle ka tshwanelo.
Dihlophiso tsa mokgatlo di lokela ho thehwa, mme diqeto mabapi le botho ba dihlopha, dikomiti kapa diforamo di lokela ho etswa.
Lenaneo le lokela ho etswa, mme yona e tla hlalosa mesebetsi/dintlha tse lokelwang ho ralwa, nako ya tshebetso, mme le ditlhoko tse amanang le mokgwa ona wa tshebetso. Lenaneo le jwalo ya mokgwatshebetso ke ya bohlokwa bakeng la ho tsamaya motjheng le ho kopana ka nako tsohle le banka-seabo (haholo pakeng tsa masepala wa sedika le wa selehae).
Ho lokela hore ho tsepamiswe maikutlo bakeng la qeto e mabapi le metjha e lokelang bakeng la ho nka karolo ha setjhaba mmoho le bohle ba nang le seabo nakong eo ho ralwang mokgwa wa tshebetso. Ke bo mang ba lokelang ho nka seabo, ba lokelang hore ho uwe ho bona, le ho bolellwa mabapi le dikgato tsa mokgwatshebetso? Sena se lokela ho qetwa nako e sa le teng bakeng la ho tsebisa batho ka nako le ho arola tse ditlhoko tse tla hlokahala nako e sa le teng.
Sena ke nnete mabapi le metjha mmoho le ditsela tse latelwang bakeng la boikamahanyo le ba nang le seabo ba ka ntle ba kang bomasepala ba bang, didika, mmoho le mafapha a mang a mmuso. Boikamahanyo bona bo lokela hore bo fihlellwe ka tsela e tlamang ba amehang, mme sena se etswe hodima sebopeho seo ho dumellanwang ka sona bakeng la mokgwatshebetso wa kopanelo ya moralo o tla hloka ditokisetso nako e sa le teng
Ho lokelwa hore ho etswe bonnete ka hohle-hohle hore ditokomane tsohle tse hlokehang mabapi le mokgwatshebetso, di a tsejwa ebile di ka fumaneha. Sena se etsahala haholo ditokomaneng tsa semolao tse kang tokomane tsa tataiso, diralwa/polane mmoho le mawa a hlahang mmusong wa provense le wa naha, ho sa qhelelwe thoko bafani ba ditshebeletso ba dikhampane.
Ho ikamahantswe le ditokiso tsena kaofela, tekanyo ya ditshenyehelo e lokela ho etswa bakeng la mokgwa ohle wa tshebetso o mabapi le moralo o etswang.
Mosebetsio wa ho lokisa mabapi le MKN (Moralo o Kopantsweng wa Ntshetsopele) , o matsohong a bolaodi ba masepala. Motjha wa boitokiso o lokela ho ba le seabo ditokisetsong ba masepala bakeng la MKN. Ha ho motho ya tla nka qeto efe kapa efe ntle feela le masepala. Tataiso ya II e lokela ho thusa molaodi wa masepala hore a kgone ho etsa boitokiso ba hae ka tsela e tla bang bonolo ebile e lotomantswe ho latela molao.
DITLHOKO TSA SEMOLAO MABAPI LE HO LOKISETSA MOKGWATSHEBETSO WA MKN
Hore ho etswe bonnete mabapi le boemo ba mokgwatshebetso wa MKN mmoho le nyalano dipakeng, le ka hara mafapha a mmuso, ho lokisetsa mokgwatshebetso wa moralo bo se bo hlahisitswe Molaong wa 2000 wa Dibopeho tsa Bomasepala. Molao ona ha o kgelohe ho se boletsweng hodimo mabapi le ditlhoko tsa ditokisetso. Ona o batla:
a Ho amohela mokgwatshebetso ka tsela ya ho ngola fatshe, e leng boikarabelo ba masepala wa selehae/sedika mme mokgwa ona wa tshebetso o tla tataisa ho ralwa, ho kgawritsa, ho amohela mmoho le ho hlahloba MKN. Tokomane ena e ngotsweng mabapi le mokgwatshebetso wa MKN e tla bitswa ka bokgutshwanyane, ?mokgwatshebetso wa moralo? ka hara bukana ena. Mokgwatshebetso wa moralo o lokela ho kenyeletsa:
lenaneo le tla hlalosa dinako tse tsepameng bakeng la ho fihlela mehato e fapaneng ya meralo;
tsela e lokelang ya tshebetso, mekgwatshebetso mmoho le metjha e latelwang bakeng la ditherisano le ho nka seabo ha setjhaba sa selehae, ditho tsa mmuso, ba ikarabelang ho tsa setso, mmoho le banka-seabo ba bang ba amehang mekgwatshebetsong ya MKN.
Ho hlwauwa ha meralo yohle mmoho le ditlhoko tsa meralo eo e jwalo, tse tlamang masepala ho latela melao ya naha le provense.
b Kamohelo ya sebopeho sa Moralo o Kopantsweng wa Ntshetsopele o hlahang ho masepala wa sedika ka seng, mme o tlama masepala wa sedika le masepala wa selehae ka hara setereke, e lokela ho etsa bonnete ba hore ho teng dikgokahanyo tsa ditherisano mabapi le mekgwatshebetso ya moralo wa masepala wa sedika mmoho le bomasepala ba bang ba fapaneng ba selehae.
Ha Mokgwatshebetso bakeng la Moralo, o lokela ho thehwa hodima ditherisano tse lokelang mabapi le setjhaba sa selehae, sebopeho sa moralo sona, se lokela ho thehwa hodima ditsela tsa ditherisano le masepala wa selehae ka hara setereke.
Mekgwatshebetso ya moralo mmoho le sebopeho sa sedika di lokela ho thewa ka tsela ya nyalano e bontshang kutlwano nakong ya mohato wa ditokisetso, mme lebaka ke ho etsa bonnete ba hore mokgwatshebetso wa moralo bakeng la masepala wa selehae o dumellana le Sebopeho, mme Sebopeho sena se fana ka ditshitshinyo tsa bomasepala bohle ba selehae
Mokgwatshebetso mmoho le sebopeho di lokela ho nehelwa Letona (MEC) la Mmuso wa Selehae mmoho le tokomane ya MKN e amohetsweng ke bohle, mme sena se etsahala mafelong a ho sebetswa ha moralo.
DITOKOMANE TSE HLOKEHANG: MOKGWATSHEBETSO WA MORALO MMOHO LE SEBOPEHO
Mokgwatshebetso wa Moralo mmoho le Sebopeho, ke ditokomane tse pedi tse fapaneng empa di amana ka mosebetsi. Mokgwatshebetso bakeng la Moralo ke sesebediswa bakeng la masepala ka mong (wa selehae le wa sedika) se thusang mabapi le taolo e lokileng ya mokgwatshebetso bakeng la MKN ka nako tsohle. Sebopeho ke sesebediswa se nyalanang sedika/setereke, mme se etsa bonnete ba hore mekgwatshebetso bakeng la meralo boemong ba sedika e hata mmoho. Dikarolo tse ding tsa mokgwatshebetso wa moralo di a tshwana, mme tse ding di batleha fela tokomaneng e le nngwe kapa tse pedi (sheba setshwantsho sa 1).
Mokgwatshebetso bakeng la moralo o lokela ho kgotsofatsa mesebetsi e etswang ke moralo wa kgwebo kapa moralo wa tshebetso kapa moralo o tshebetsong wa MKN. Mokgwa ona wa tshebetso o lokela hore o hlakise hantle hore na ho etsahalang neng, ke mang ya amehang, hona hokae, mme o kenyelletse ho lekanyetswa ha ditshenyehelo.
Ho ya ka molao, e lokela hore e be tokomane ya boemo bo hodimo e bebofatsang hlahlobo tse ka etswang hodima dihlophiso tsa dintlha.
Leha masepala ka mong a na le bolokolohi ba ho iketsetsa paterone ya hae ka moo a e batlang ka teng, ho na le lenane la ditshitshinyo la tse ka hare le ka thusang ho fana ka setshwantsho se phethahetseng mabapi le ka moo dithloko tsa semolao tse boletsweng hodimo di ka kenyelletswang ka teng.
MABAPI LE LENANE LA TSE KA HARE. Palo ya maqephe
Selelekela
Ho arolelanwa ha diabo mmoho le boikarabelo mekgwa-
Sebopeho sa mokgatlo/dihlophiso tsa mokgatlo mabapi
Lenaneo la Mehato e tla latela mmoho le Nako ya yona e behilweng (4-5)
Metjha mmoho le ditsela tse tla latelwa bakeng la ho nka seabo ha setjhaba mmoho le bohle ba amehang ( ba nang le seabo) (2-3)
Meralo e Tlamang le Dithloko tsa Moralo boemong ba
Provense le ba Naha.
Ho lekangwa ha ditshenyehelo bakeng la Mokgwatshebetso ha ho etsuwa Moralo (1-2)
Mosebetsi wa Sebopeho ke ho etsa bonnete ba hore mokgwatshebetso wa Moralo o Kopantsweng wa Ntshetsopele (MKN) wa sedika, mmoho le Moralo o Kopantsweng wa Ntshetsopele wa selehae, di hokahana ka hohlehohle ebile di a tlatsetsana. Ebang mekgwatshebetso e tsamayang e bapile e lokela hore e hokahane hantle, ho lokelwa ho dumellanwa ka nako e le nngwe, mme dintlha tsohle le tsona di lokela hore di ame mahlakore kaofela ka ho lekana. Sena se tla etswa ho latela sebopeho. BoMasepala ba sedika ke bona ba lokelang ho kgwaritsa Sebopeho sena. Jwalo ka ha ho lokela ho dumellanwa ke bomasepala ba selehae, ebile ho lokela hore sebopeho sena se sebediswe ke bomasepala bohle e le motheo wa ho kgwaritsa mokgwatshebetso bakeng la moralo, ho lokela hore ho dumellanwe mabapi le sebopeho mathomong a ditokisetso tsa mokgwatshebetso.
SEBOPEHO: TSHITSHINYO YA LENANE LA TSE KA HARE
Selelekela
Lenaneo la Sebopeho e tsamaisanang le dinako (1-2)
Dintlha, ditsela mmoho le metjha bakeng la ho ikamahanya le ho rerisana. (1-2)
Meralo e Tlamang mmoho le Ditlhoko tsa Moralo boemong ba Provense le ba naha.
Ditsela le ditheo bakeng la ho beha leihlo Mokgwatshebetso wa Moralo mmoho le Diphetoho tse etswang Sebopehong.
Ho ikamahanya ha ditsela tsa tshebetso tsa MKN tsa bomasepala ka Sebopeho, ho lokela ho bewa leihlo ke Didika hore ho kgonahale ho nkuwa mehato e tla lokisa se fosahetseng ka nako ebang ba bang ba bomasepala ba sa kgone ho ho ikamahanya le dinako tse behilweng.
Papiso ya tse ka hare kajo ya dikarolo mmoho le boikarabelo
Dihlophiso tsa mokgatlo
Ditsela le Metjha e latelwang bakeng la ho nka seabo ha setjhaba mmoho le ba nang le seabo
Lenaneo la mehato e nkuwang, nako le tlhokeho ya dithuso
Ditsela le metjha bakeng la boikamahanyo/tsepamo
Melao e tlamang le ditlhoko tsa ho rala boemong ba naha le provense
Ho lekantshwa ha ditshenyehelo bakeng la tshebetso ya moralo
Ho teng dikgaolo tse tharo tse lokelang ho ba karolo ya Sebopeho, mme e nngwe le engwe e na le Mokgwatshebetso wa moralo: Tsona ke Lenaneo la mehato e latelwang, kgaolo e mabapi le tsepamiso, mmoho le kgaolo e shebaneng le melao e tlamang le ditlhoko tsa ho etsa moralo. Lenaneo la mehato e lokelang ho latela ya bomasepala e tla fapana hanyane le lenaneo la mehato e lokelang ho latela e ka hara Sebopeho. Bobedi di tla lokela ho hlaloswa ka ho tsepama, mme di lokela hape hore di kgwaritswe ke masepala ka mong, ebile ho elwa hloko nako e lokelang ho nkuwa bakeng la Mehato ya ho Rala Sebopeho. Metjha e nkuwang bakeng la ho boikamahanyo/ho tsepamiswa, melao e tlamang mmoho le ditlhoko tsa ho etsa moralo, di tla tshwana bakeng la Sebopeho sa sedika/setereke ka seng mmoho le Tshebetso ya Moralo.
Ho se ho boletswe hore ho lokisetsa Mokgwatshebetso wa moralo ke boikarabelo ba bolaodi jwalo ka ha ho etswa moralong ofe kapa ofe wa kgwebo. Sena ha se batle botsebi/bokgoni bo ikgethang kapa ho batla thuso ya bo-ramawa. Diphetho tsa mokgwatshebetso, ha di lokela ho hlaha ka mokgwa wa tokomane feela (ya Mokgwatshebetso wa Moralo), empa di lokela ho hore e be diphetho tse entsweng ka makgethe a tla bontsha ho nahanela pele ha nako e tlang. Mokgwatshebetso wa ditokisetso, o batla hore ho dulwe mme ho kopanwa le bohle ba nkang seabo, ba lokelang ho nka karolo mokgwatshebetsong wa ho rala:
a pakeng tsa masepala wa selehae le wa sedika jwalo ka ha ho batleha nakong eo ho etswang sebopeho.
b le setjhaba mmoho le dihlopha tse nang le seabo, tse fuwang monyetla wa ho ba karolo ya ditokiso tsa mokgatlo; le c le mekgatlo e ikarabelang ditjheleteng mohl. dibanka, mme bona ba tsepamisa ditlhoko tse batlehang bakeng la tshebetso ya moralo ba ikamahantse le dithuso tsohle tse teng.
Ho laola ditsela tsena tsa ditherisano mmoho le ho fumana bohle ba lokelang ho nka seabo mosebetsing ona wa MKN, ke mosebetsi o moholo wa bohlokwa. Ha ditaba di tsamaya hantle, nako ya kgwedi ke yona e ka lokelang ho etsa mesebetsi ena kaofela.
Tataiso II e neha molaodi matla a ho etsa Mokgwa-tsebetso wa Moralo ntle le thuso ya batswa-ntle, mme sena se ikamahanya le dithloko tsa Molao wa 2000 wa Dibopeho tsa Bomasepala mmoho le ditlhoko tsa tshebetso ya moralo o entsweng ka makgethe. Tataiso e tla fanwa ho latela mosebetsi wa boitikisetso ka mong.
qeto mabapi le ho arolelana ha diabo/dikarolo mmoho le maikarabelo (karolo ya 2)
ho rala sebopeho sa mokgatlo le dihlophiso tsa mokgatlo bakeng la ho kgwaritsa mokgwatshebetso (karolo ya 3).
ho kgwaritsa Lenaneo la mehato e tla latela ho ya dikgato, ho behwa ha nako, mmoho le dithloko tsa dithuso (karolo ya 4)
ho nka qeto mabapi le ditsela mmoho le metjha ya ho nka seabo (karolo ya 5)
ho nka qeto mabapi le tse ka hare mmoho le ditsela bakeng la dikgokahanyo le boikamahanyo/botsepamo (karolo ya 6).
ho hlwaya melao e tlamang mmoho le dithloko tsa moralo (karolo ya 7).
ho lokiswa ha ditekanyetso bakeng la tshebetso ya moralo; le ho bokella mekgwa bakeng la Sebopeho.
Bakeng la boitokiso ka mong ba mosebetsi, tataiso e tla fuwa hodima:
a mesebetsi yohle ya ditokisetso mmoho le dihlahiswa tse batlwang, mme di kenya dikgothalletso bakeng la ho rala tokomane ya tse hlahisitsweng/fumanweng.
b tse ka hare tsa Mokgwatshebetso wa Moralo mmoho le Sebopeho k.h.r ditshitshinyo bakeng la diqeto tse nkuweng mabapi le mokgwatshebetso wa MKN kapa tse lokelang ho shejwa nakong eo ho etswang diqeto.
Dikgothalletso tsa tse ka hare tse hlahang Tataisong ya II mabapi le hore na paterone ya ho sebetsa MKN e etswa jwang, di ka se nkele sebaka ho balwa ho phethahetseng ha tse ka hare hwa Tataiso ya I le ya III eo e leng motheo wa kutlwisiso e ntle ya tshebetso ya MKN. Kutlwisiso ena ke ya bohlokwa bakeng la ho lokisetsa mokgwatshebetso wa MKN ya masepala ya itseng ka tsela e tla dumellana le maemo a selehae. Tsela ena ya ho kgutsufatsa dikgothalletso tsa Tataiso ya II, empa e le ho etsa hore ditatiso tsena di nyallane le mokgwatshebetso wa ditokiso tsa ho Sebetsa Moralo.
Beke:1 Beke :2 Beke:3 Beke:4
HO AROLWA HA DIABO LE
Ke e nngwe ya mekgwa ya tshebetso ya moralo e tswileng ka mahetla, moo banka-seabo kaofela ba nang le tsebo ya maikarabelo a bona le a ba bang ba amehang. Ha ho le tjena, e nkuwa e le e nnwge ya ditlhoko tse mabapi le tshebetso ya moralo wa MKN ho etsa bonnete ba hore ho teng kutlwisiso e felletseng mabapi le diabo tsohle tse batlehang, mme diabo tsena e le tsa batho kapa mekgatlo e lokelang ho nka diabo tse jwalo.
A MESEBETSI YA DITOKISETSO MMOHO LE DIHLAHISWA
Dihlahiswa tse batlwang
Lenane la diabo tse batlehang mmoho le maikarabelo bakeng la tshebetso ya moralo (ke molaodi wa masepala)
Lenane la mabitso a batho ba lokelang ho nka diabo tsena mmoho le maikarabelo a teng.
Dintlha tsohle tse tla hlalosa diabo le maikarabelo ana ka tsela e otlolohileng.
Tshebetso e sisintsweng Komiti ya MKN ya Taolo e hlalosa diabo tseo masepala a lokelang ho di bapala tshebetsong ya MKN ho latela diabo tseo banka-diabo ba ka ntle ba lokelang ho di bapala (ho ikamahantswe le Karolo ya 84 ya Molao wa Dibopeho tsa Bomasepala).
Dikarolo/diabo tse lokelang ho bapalwa ke masepala di boela di hlahiswa ke mareo a kgwaritsuweng bakeng la seabo ka seng, mme a hlalosa boikarabelo bo tsamayang le seabo seo.
Molaodi wa Masepala ka mora hore a kgwaritse dihlaloso tsa seabo ka seng, o ya bathong ba lokelang ho nka dikarolo, mme a fane ka lenane le sisingwang la banka-seabo, mme sena se etswa mabapi le hore ho yo sekasekwa Komiting ya Taolo ya MKN e le hore Komiti ya Sehlooho ya Khansele kapa Majory wa Sehloho kapa Mokhanselara ya kgethilweng a tle e tjhaelle sena monwana
B TATAISO MABAPI LE TSE KA HARE
PHATLALATSO YA DIABO MMOHO LE MAIKARABELO PAKENG TSA MASEPALA LE BANKA-SEABO BA KA NTLE
Masepala wa Selehae
Masepala
Mmuso
Ho:
Ho lokisa, ho nka qeto le ho amohela mokgwatshebetso wa moralo.
Ho nka boikarabelo ka kakaretso mabapi le ho laola, mmoho le hokahanya mokgwatshebetso wa moralo o kenyelletsang:
hore dibapadi tsohle di kenyelleditswe hore ho ralwa ha diketsahalo ho etswa ho latela nako e behilweng.
hore tshebetso ya moralo e amana le dintlha tsa bohlokwa tsa masepala k.h.r ke tshebetso e entsweng ka tsela e bontshang bokgoni.
dithloko tsa moralo wa mokgatlo di kgotsofaditswe.
Amohela le ho tjhaella MKN monwana
Lokisa MKN ho latela ditshitshinyo tsa Letona (MEC) la ditaba tsa Mmuso wa Selehae.
Etsa bonnete ba hore diqeto mabapi le moralo wa kgwebo wa selemo, ditekanyetso le taolo ya tshebediso ya mobu di thehilwe hodima MKN.
Baahi ba motse,
Setjhaba mmoho le ba nang le seabo ho kenyelletswa baetapele ba setso
Ho emela ditabatabelo le ho fana ka tlatlatsetso ya tsebo le mehopolo e ka thusang tshebetsong ya moralo ka ho:
nka seabo Foramong ya Baemedi ba MKN ka ho:
ho tsebisa dihlopha tse nang le tjheseho, setjhaba mmoho le mekgatlo ka diketsahalo tse amanang le moralo mmoho le diphetho tsa ona.
ho sekaseka dintlha, sheba tse lokelang ho tla pele le ho fihlela ditumellano.
nka seabo kakanyong ya ditshitshinyo tsa diprojeke/
ho buisana le ho seka-seka tokomane e so phethahaleng ya MKN.
etsa bonnete ba hore moralo wa selemo wa kgwebo le ditekanyetso di ikamahanaya le MKN
ho hlahloba ketsahatso ho kengweng tshebetsong ha MKN.
ho tshwara dikopano kapa diseminara le dihlopha, setjhaba kapa mekgatlo bakeng la ho lokisetsa ho ralwa ha diketsahalo tse lokelang.
ELA HLOKO: Diabo/dikarolo tse itseng tsa baetapele ba setso di ntse di lokela ho ka hlakiswa. Seabo sa setjhaba se lokela ho shejwa e le monyetla eseng boikarabelo kapa ona mosebetsi.
Masepala wa Sedika
A. Seabo le maikarabelo a tshwananag le a mmuso le masepala wa selehae empa se ikamahanya le ditokisetso tsa MKN ya Sedika.
B. Kgokahanyo ya diabo bakeng la Masepala wa selehae.
etsa bonnete ba hore ho teng kamano tse rapameng tsa MKN ya masepala diterekeng tseo khansele eo e leng teng.
etsa bonnete ba hore ho teng kamano tse tsepameng pakeng tsa sedika le moralo wa selehae.
nolofaletsa kamano tse tsepameng tsa MKN le mahlakore a mang a mmuso mmoho le makala a mafapha.
lokisetsa diseminara tse kopantsweng le banka-seabo ba masepala wa selehae, ba provense, ba naha, mmoho le ditsebi tse ikgethang.
Mmuso wa Provense
Lefapha la Mmuso wa selehae
Mafapha a makala mmoho le bafana-ka- ditshebeletso ba kgwebo
Ho etsa bonnete ba hore ho teng kamano tse rapameng tsa MKN tsa masepala wa sedika.
Etsa bonnete ba hore ho teng kamano tse tsepameng pakeng tsa mafapha a makala a provense le tshebetso ya MKN boemong ba selehae/sedika ka ho:
ho tataisa mafapha a makala a provense ho nkeng seabo mmoho le tlatsetso eo a e etsang hodima tshebetso ya moralo.
ho ba tataisa ha ho sekasekwa tokomane e so phethahaleng ya MKN le ho amanya lenaneo la makala le ditekanyetso ho MKN.
Taolo ya ditjhelete tsa provense tsa MKN e phethahetseng
Ho beha leihlo ntshetso-peleng ya tshebetso ya MKN.
Ho thusa bomasepala ho kgwaritsweng ha tshebetso ya MKN ha ho hlokahala.
Ho lokisetsa kwetliso ya MKN ha ho hlokahala.
Ho hokahanya le ho laola seo Letona (MEC) le se lekanyetsang ka MKN.
Ho:
Tlatsetsa ka lesedi hodima mafapha a makala a provense mabapi le moralo, mananeo, ditekanyetso, maikemisetso, mawa mmoho le diprojeke, mme sena se etswe ka bokgutshwane ka tsela e amohelehang.
Tlatsetsa ka bokgoni makaleng mmoho le ka botsebi mabapi le ho bopa mawa a diprojeke tsa masepala.
Kena ka setotswana tshebetsong ya ho ikamahanya le masepala wa sedika.
Nka karolo dikgokahanyong tsa bolaodi ba provense.
BAFANA-KA-TSHEHETSO/DITSEBI TSA MORALO
Barerisani, Mekgatlo eo e seng ya Mmuso (NGO?s) Senthareng tsa PIMS
Bahlanka ba Masepala ba etsang mosebetsi wa ho Rala.
Mofani ofe kapa ofe ya tswang ka ntle mme fana ka ditshebeletso tse amanang le ho rala, o lokela hore ho rerisanwe le yena bakeng la mesebetsi e jwalo ha feela ho se na setsebi ka hare se ka etsang/fanang ka mosebetsi oo o jwalo.
Leha ho etsahala hore bafani ba ditshebeletso ba be le tsebo lehlakoreng le le leng feela la ditshebeletso, ho teng ditshebeletso tse ding tse ngata tse nyallanang. Ka hoo, ha re kgetholle seabo se etswang ke bafani ba ditshebeletso.
Bafani ba ditshebeletso ba ka ntle ba ka thusa bakeng la:
Ho fana ka tataiso mabapi le bokgoni ba tekgeniki hodima tshebetso ya MKN.
Ho nolofatsa diseminara tse mabapi le ditaba tsa moralo
Ho ngola dihlahiswa tsa diketsahalo tsa moralo tokomaneng
Ho etsa dithuto tse ikgethileng mabapi le ditlatsetso tse amanang le tsona.
Ho fana ka tshehetso bakeng la ho hlophisa mekgatlo le setjhaba tse sa hlophiswang hore di fane ka tlatsetso hodima tshebetso ya moralo; le
Ho etsa bonnete ba hore MKN e ikamahanya le ditekanyetso tsa provense le naha.
Ditsebi tsa moralo e ka ba barali ba toropo kapa ba setereke, kapa ba sibollang meaho kapa ditsebi tse etsang mesebetsi e mabapi le ntshetsopele ya tikoloho.
KAROLELANO YA DIABO LE MAIKARABELO KA HARA MASEPALA
Khansele ya
Masepala
Jwalo ka ha e le bona ba nkang diqeto mabapi le maemo a dipolotiki ka hara masepala, khansele ya masepala e lokela ho:
E lekole, e be e amohele mokgwatshebetso wa moralo.
E lekole, e be e amohele le hona ho tjhahella monwana MKN.
Kapa Majoro wa Phethahatso kapa Komiti e kgethilweng ke Makhanselara
Jwalo ka ha e le setho sa mmuso se ka sehlohong ho masepala, Khansele ya masepala e lokela ho:
Etsa qeto mabapi le Tshebetso ya Moralo.
Ba be le boikarabelo bakeng la taolo ka kakaretso, ba hokahanye le ho beha leihlo tshebetsong, le ho ngolweng ha MKN, kapa ho fana ka mosebetsi ona ho Molaodi wa Masepala.
Ho tjhaella monwana batho ba thontsweng ba tla nkang diabo tse fapaneng, mesebetsi le maikarabelo bakeng la tshebetso ya ho kgwaritsa tokomane.
Makhanselara ke kgokahanyo pakeng tsa masepala le baahi ba motse. Ka hona, seabo sa makhanselara ke:
ho hokahanya tshebetso ya moralo le dibaka tseo makhanselara ana a di laolang.
Ho ba le boikarabelo bakeng la ho hlophisa ditherisano tsa setjhaba le ho nka seabo ha sona.
Ho etsa bonnete ba hore moralo wa kgwebo wa selemo mmoho le ditekanyetso tsa masepala di hokahana le MKN.
Molaodi wa Masepala kapa Molaodi wa MKN
Molaodi wa Masepala kapa Mohlanka ya phahameng ya fuweng boikarabelo ba ho etsa mosebetsi wa Molaodi wa MKN o lokela ho laola le ho hokahanya tshebetso ya MKN. Sena se kenyelletsa:
Ho lokisa Tshebetso ya Moralo
Ho nka bolaodi ka kakaretso mmoho le ho hokahanya tshebetso ya moralo
Ho etsa bonnete ba hore banka-seabo bohle ba kena ka setotswana.
Ho kgetha batho ba tla etsa mesebetsi e fapaneng.
Ho nka boikarabelo ba tsatsi ka leng bakeng la tshebetso ya tokomane e so phethelweng.
Etsa bonnete ba hore tshebetso mmoho le mawa a moralo ke boikarabelo ba bohle, mme ho kengwa tshebetsong ha moralo ho ikamahantse le ditlhoko tse batlehang .
Araba ditshitshinyo tse tswang setjhabeng tse entsweng hodima tokomane e song ho phethahale ya MKN mme a be a shebe dikamano tse rapameng le mafapha a mang a mmuso bakeng la mosebetsi o tla kgotsofatsa Khansele ya masepala.
Etsa bonete ba hore ho teng tokomane e jereng diphetho tsa moralo wa MKN .
Fetola MKN ho latela ditshitshinyo tsa Letona (MEC) la ditaba tsa Mmuso wa Selehae.
Le ha Molaodi wa Masepala a ka fana ka boikarabelo ba mesebetsi ena ho Molaodi wa MKN, yena ka boyena o ntse a ena le boikarabelo bo tletseng.
Dihloho tsa Mafapha le Bahlanka ba Mmuso
Jwalo ka batho ya nang le boikarabelo ho kenya tshebetsong leano la MKN, bahlanka ba tekgeniki ba lokela ho nka seabo se felletseng bakeng la tshebetso ya moralo e le ho:
Fana ka lesedi mabapi le tsa tekgeniki mmoho le tsa ditjhelete bakeng la ho sekaseka dintlha tse lokelang ho etswa pele.
Fana ka bokgoni ba botekgeniki mabapi le ho fihlela diqeto bakeng la mawa le ho hlwauwa ha diprojeke.
Fana ka lesedi bakeng la ditekanyetso tsa ditjhelete mmoho le tsamaiso.
Ho ba le boikarabelo bakeng la ho lokiswa ha ditshitshinyo bakeng la diprojeke, ho kopanelwa ha dirpojeke mmoho le mananeo a makala.
Ho ba le boikarabelo bakeng la ho lokisa diphetoho tse teng tokomaneng e song ho phethelwe ya MKN bakeng la ho nehelanwa ka yona ho Khansele ya Masepala ho fihlela moo e tla beng e tjhaelwa monwana ke Letona (MEC) la Mmuso wa Selehae bakeng la tsepamo/boikamahanyo.
DITOKISO TSA MOKGATLO
Masepala o lokela ho etsa ditokiso tsa mokgatlo bakeng la:
etsa ho nka seabo ha bohle ba amehang ho matlafale.
ka ho phethahala ho laola ho ralwa ha diphetho ho fa mekga e amehang monyetla wa ho tlatsetsa tshebetsong mabapi le diqeto tsa tshebetso tse nkuwang.
Palo ya dibopeho kapa boemo, di ka fapana pakeng tsa dihlopha kapa mefuta ya bomasepala ho ikamahanya le dihloko tse teng, empa ditokiso tse hlahiswang tse akaretsang di a kgothalletswa mme di thehilwe hodima ditheo tse latelang:
Ho nka seabo ha setjhaba ho lokela ho amangwa le mokgatlo ho etsa bonnete ba hore baahi bohle ba na le tokelo ya ho nka seabo.
Ho nka seabo ho thehilweng hodima popeho e itseng ho lokela ho hlaloswa hore na ke mang ya nkang seabo, bakeng la mang, mabapi le ntlha dife, hona ho latela ditsela dife.
Bomasepala ba lokela ho sheba ditokiso tse teng ha jwale, mme ba di sebedise ba be itlwaetse tsona ha ho hlokahala, mme sena se etswa ho qoba phetapheto e ka bang teng. Mohlala, ebang ba nka tsela e sebediswang ke komiti ya woto (ward) ya bona, ba ka batla ho sebedisa sebopeho sena, mme ba ka hloka ho etsa bonnete ba hore hodima sena, batho ba nang le seabo mmoho le mekgatlo setjhaba, le bona ba na le boemedi.
Batho ba latelang ba a kgothalletswa:
Molaodi wa Masepala kapa Molaodi wa MKN.
Komiti ya Taolo ya MKN
Foramo ya Boemedi ya MKN.
Sehlopha sa Diprojeke tsa Mosebetsi
Ditokisetso tse fumantshistsweng dikgothalletso ke tsona tse tla sebetsa jwalo ka tataiso bakeng la bongata ba bomasepala ba sedika le ba selehae. Molaodi wa MKN, Komiti ya Taolo ya MKN mmoho le Foramo ya Boemedi ya MKN ke dibopeho tse batlahalang bakeng la tshebetso yohle ya MKN e tla thehwa maqalong, mme ka hona e tla tsebiswa Tataisong ena.
Sehlopha sa Diprojeke tsa Mesebetsi e tla ba sehlopha se senyane se sebetsang mme sona se tla thehwa ka bongata ba makala a lokelang a masepala mmoho le batho ba tekgeniki, banka-seabo ba amehang bolaoding bo mabapi le ho kengwa tshebetsong, mme moo ho hlokahalang teng, banka-seabo ba setjhaba ba amehang ka ho otloloha ke projeke tseo. Sehlopha sena sa Diprojeke tsa mesebetsi se tla batleha ho tloha mohatong wa 3, mme se tla tsebiswa moo ka ho phethahala (Mosebetsi wa ho rala 3.1).
Ditokisetso tsohle tsa mokgatlo tse hlahisitsweng hodimo di lokela ho tshehetswa ho fihlela mohatong wa ho kengwa tshebetsong wa MKN, mme ditokiso tsena di tla sebetsa jwalo ka sehlopha se tla hokahanya le ho laola tsela ya ho kenngwa tshebetsong.
A DIKETSAHALO TSA DITOKISETSO LE DIPHETHO
Diphetho tse batlwang
Mofuta wa dihlophiso o lokelang ho thehwa.
Mareo a utlwisisehang a Supang hlophiso ka nngwe.
Tsela eo ho kgethwang ka yona.
Lenane la batho kapa mekgatlo eo ho dumellanweng ka yona ho ba baemedi
Tsela ya boitshwaro.
ditho tse kgethuweng di tseba diabo tsa tsona.
Tshebetso e sisingwang
Komiti ya Phethahatso, kapa Majoro wa Phethahatso, kapa komiti ya Makhanselara e lokela hore e itshehile ka tshehetso ya Molaodi wa Masepala:
Hlalose Mareo a Supang bakeng la Molaodi wa MKN le Komiti ya Taolo.
Hlwaye Molaodi ya loketseng ho tsamaisa MKN, ho shejilwe bohlokwa ba MKN, nako e behilweng ke Molaodi wa Masepala mmoho le batho ba bang.
Fana ka boikarabelo mabapi le ho kgwaritsa MKN bakeng la Molaodi wa Masepala.
Qolla le ho kgetha batho ba lokelang ho sebetsa Komiting ya Taolo, mme ho ntse ho etswa bonnete ba hore dintlha tsohle tse kang tikoloho, thuso tsa ditjhelete tsa matlo a masepala jj, di na le bonyane motho a le mong ya tla ikarabela ho tsona.
Komiti e Ntjha ya Taolo ya MKN e tla lokela ho ba le boikarabelo bakeng la ho thehwa ha Foramo ya Boemedi ba MKN ka ho:
Hlalosa Mareo a supang, mmoho le tsela bakeng la ditho tsa Foramo ya Boemedi ya MKN.
Tsebisa setjhaba ka dipapatso mabapi le ho thehwa ha Foramo ya Boemedi ya MKN le ho kopa dikopo ho tloha mekgatlong ya setjhaba ho bontshwa maikemisetso, diketsahalo, palo ya ditho, mmoho le molao-theo.
Ho hlwaya:
batho ba bang ba nang le seabo, le ba kotetsweng ka thoko, ba hlokang boemedi, mme ba batla Ammuelli@ ya ka ba emelang ditabatabelo tsa bona.
bao e ka bang babuelli.
batho ba nang le ditlhoko.
bahlanka/baofisiri ba phahameng.
Kgetho ya dihlopha tse ka kgonahalang/ditho di itshetlehile hodima mokgwa.
fana ka dihlopha/ditho tse sisingwang ho Khansele bakeng la ho shejwa.
Kgetho ya ditho le ho fana ka tsebiso ho setjhaba.
Ebang Molaodi wa Masepala e se Molaodi wa MKN, o lokela ho qeta ka hore:
matla le mesebetsi di fuwe batho ba bang (delegated)
boikarabelo bo dule bo le matsohong a Molaodi wa Masepala.
mawa a ho fana ka diraporoto.
Komiti ya Taolo ya MKN e tla:
theha dikomiti tse nyane (ebang ho hlokahala), mme e be etse qeto ka dikamano/mawa a ho fana ka diraporoto.
a kgethe mongodi
B TATAISO MABAPI LE TSE KA HARE
Komiti ya phethahatso kapa majoro wa phethataso wa masepala kapa ebang masepala a se na Komiti ya phethahatso, kapa majoro wa phethahatso, Komiti ya makhanselara e kgethilweng ke khansele e lokela ho:
laola ho ngolwa ha tokomane e esong ho phethahale.
fana ka boikarabelo ho molaodi wa masepala, le fana ka moralo wa tokomane e song ho phethahale ho khansele bakeng la ho amohelwa.
Tsena ke dibopeho tse seng di le teng mme di batlwa ke Molao wa Dibopeho tsa boMasepala eseng dibopeho tse ding tsa masepala bakeng la MKN.
Ho kgothalletswa hore boikarabelo bakeng la ho laola tokomane e song ho phethahale ya MKN bo tla fuwa Molaodi wa Masepala kapa Molaodi wa MKN bakeng la hae.
Molaodi wa Masepala kapa Molaodi wa MKN o tla ba le boikarabelo bakeng la ho etella pele tshebetso ya Moralo o Kopantsweng wa Ntshetsopele. Kgetho ya motho ya lokelang mosebetsi ke ya bohlokwa bakeng la katleho ya MKN, mme e lokela ho etswa e le mohato wa pele bakeng la ho lokisetsa Tshebetso ya Moralo hobane Molaodi wa MKN ke yena ya ikarabelang ho raleng ha Tshebetso ya Moralo.
Molaodi wa MKN e lokela ho ba motho ya ikabetseng ho etsa mosebetsi, mme a be le matla a ho kenya bohle ba lokelang hore ba ka nka seabo.
Mareo a sisingwang
Ikarabela bakeng la ho lokiswa ha Tshebetso ya Moralo.
Ikarabela bakeng la taolo ya letsatsi ka leng ya tshebetso ya moralo o hlwailweng, ho shejuwe nako, ditlhoko, batho, ebile ho etswa bonnete ba hore:
ho kengwe banka-diabo ba fapaneng, haholo baofisiri;
hore nako eo ho dumellanweng ka yona e dula e hlwailwe;
hore tshebetso ya moralo ke e tsepameng, le e rapameng mme e ikamahanya le ditlhoko tsa naha le tsa provense;
hore maemo a ho nka seabo ke a nolofaditsweng;
hore diphetho di ngolwa tokomaneng e lokelang.
Ho ba modulasetulo wa Komiti ya taolo
Molaodi bakeng la ditsebi tse fanang ka tsebo e hlokahalang.
KOMITI YA TAOLO YA MKN
Komiti ya Taolo e lokela ho ba sehlopha sa tekgeniki sa tshebetso bakeng la Hloho tsa Mafapha le bahlanka/baofisisri ba thusang Molaodi wa MKN, mme ke yona e lokelang ho sheba hore tsohle di tsamaya ka toka tshebetsong ya moralo. Molaodi wa MKN o na le boikarabelo bakeng la tshebetso, empa nako le nako o tla nne a fane ka boikarabelo ba hae dithong tse ding tsa Komiti ya Taolo. Ho bomasepala moo ho nang le mesebetsi ya makhanselara a batlang ho ba karolo ya Komiti ya Taolo, ba ka kenngwa. Mona hlompho mabapi le boemo ba batho e lokela ho nkelwa hlohong.
Mareo a sisingwang jwalo ka sesupi bakeng la Komiti ya Taolo
Ho fana ka mareo a tla supang diketsahalo tsa moralo tse fapaneng.
Ho etsa dipatlisiso tsa thuto.
Ho sheba le ho akanya hodima:
tlatsetso ya maikutlo ho tswa ho dikomitinyana/dihlopha tse ithutang le ditsebi.
tlatsetso ya maikutlo ho tswa ho makala a provense mmoho le bafana-ka-shehetso.
Ditshebetso, dikgutsufatso, mmoho le ditokomane tsa diphetho.
Ho etsa dikgothalletso tsa tse ka hare.
ho lokisa le ho tsamaisa ditokomane tsa dikopano.
Tshitshinyo e mabapi le Sebopeho sa Komiti ya Taolo
Modulasetulo ke:
Molaodi wa Masepala le/kapa Molaodi wa MKN.
Mongodi:
Mohlanka/Mo-ofisiri wa Masepala.
Popeho;
Dihloho tsa mafapha kapa Bahlanka ba phahameng.
Motshwaramatlotlo.
Ela Hloko
Komiti ya taolo ya MKN e ka theha komitinyana bakeng la diketshahalo tse ikgethang, mme Komiti e lokela ho kenyelletsa batho ba ka ntle ho Komiti ya Taolo.
Mohlanka wa Masepala o lokela ho kgethwa bakeng la ho lokisa, le ho tsamaisa le ho ngola tse buuwang ka hara dikopano. Mosebetsi o lokela ho ba boikarabelo ba Morali wa Masepala kapa Mohlanka ya tshwanang le yena.
Bakeng la hlophiso ya ditshebeletso mabapi le diseminara, ho phatlalatswa ha lesedi le teng mmoho le ho mengwa ha batho, Mohlanka o lokela ho fumana tshehetso ho motsamaise.
FORAMO YA BOEMEDI BA MKN
Foramo ya Boemedi ya MKN ke sebopeho se matla se fanang ka tshepiso ho baemedi bakeng la ho nka seabo Tshebetsong ya MKN. Kgetho ya ditho bakeng la Komiti ya Boemedi ya MKN e lokela ho behwa hodima tsela e tla bontsha boemedi ho latela tikoloho ya boahisane.
E emela ditabatabelo tsa bakgethi tshebetsong ya MKN.
E fana ka mawa bakeng la ho tshohlwa ha ditaba, ho rerisana, mmoho le ho nka diqeto pakeng tsa bohle ba amehang ho kenyelletswa puso ya masepala.
Ho etsa bonnete ba hore ho teng metjha ya dipuisano baemeding bohle ba amehang ho kenyelletswa le masepala.
Ho beha leihlo mosebetsing o hodima ho rala, le ho kengwa tshebetsong ha moralo.
Sebopeho se sisingwang bakeng la Foramo ya Boemedi ya MKN
Modulasetulo ke:
Mongodi:
Komiti ya Taolo ya MKN
Popeho:
Ditho tsa Komiti ya Phethahatso
Makhanselara (ho kenyelletswa Makanselara ao e leng ditho tsa Lekgotla la Setereke le batshwara-mesebetsi ba bang ba makhanselara).
Baetapele ba setso.
Dihloho tsa mafapha / Bahlanka ba phahameng.
Baemedi ba nang le seabo mme ba emetseng dihlopha tse hlophilweng.
Babuelli ba dihlopha tse hlokang baemedi.
Batho ba nang le tse hlokehang.
baemedi ba setjhaba (mohl. Foramo ya RDP)
Ela Hloko
Ditokiso, tsamaiso mmoho le ngola metsotso ka dikopanong le diseminareng tsa Foramo ya Boemedi ya MKN ho batla hore ho fumantshwe tshehetso ke Ditsebi tsa Meralo mohl. Dibaka tsa PIMS
Dintlha tse lokelang ho shejwa mabapi le Mokgwa wa Boitshwaro bakeng la Foramo ya Boemedi ya MKN
Mokgwa wa boitshwaro o lokela ho laola dintlha tse kang:
nako tsa dikopano (makgetlo a ho ba teng mmoho le boteng ba setho).
lenane-tsamaiso, tsamaiso mmoho le ho ngolwa ha metsotso.
Kutlwisiso ya ditho mabapi le diabo tsa bona jwalo ka baemedi ba dibaka tsa bona.
raporoto e kgutlelang dibakeng tsa baemedi ba di emetseng.
Hlokahalo ya bongata bo tshwanetseng bakeng la ho tjhaellwa monwana.
Tharollo ya qaka
Bomasepala ba sedika Ditokiso tsa Mokgatlo
Dibopeho tse tshwanang le tsena di tla hlokahala boemeong ba Sedika mabapi le MKN;
Sebopeho sa Foramo ya Baemedi ba Sedika ba Masepala se tla kenyelletsa Makhanselara ohle a masepala wa sedika ho etsa bonneta ba hore dibaka di ba le boemedi.
Khansele
Komiti ya phethahatso kapa Majoro wa Phethahatso kapa Makhanselara a kgethilweng
Molaodi wa Masepala
Komiti ya Taolo ya MKN
Sehlopha se sebetsanang le diprojeke
4. DITSELA LE METJHA
LE SEABO HA SETJHABA
Ho nka seabo ha setjhaba mmoho le ba nang le seabo bakeng tshebetso efe kapa efe ka hara mokgattlo, ke e nngwe ntlha tsa bohlokwa tsa Moralo o Kopantsweng wa Ntshetsopele. Ho nka seabo ha ba amehang ho bontsha ka moo MKN e rarollang dintlha tse amang baahi ka hara masepala. Karolo ya 3 hodimo e bua ka ditokiso tse lokelang ho thehwa bakeng la ho nka seabo ho otlolohileng. Karolo ena e tla tswela pele ka ho fana ka tataiso mabapi le hore na masepala ka mong o lokela ho lekola eng ha a ntshetsa pele mawa a ho nka seabo ha setjhaba bakeng la tshebetso ya Moralo o Kopantsweng wa MKN. Bakeng la lesedi le mabapi le sebopeho sa semolao hodima ho nka seabo ha setjhaba ditabeng tsa mmuso wa selehae, bomasepala ba lokela ho sheba Tataiso I e leng ?Tataiso ya Kakaretso ya MKN?. Tataiso ya IV (?lebokose la disebediswa?) e fana ka disebediswa tse fapaneng mmoho le mawa bakeng la ho nka seabo.
A DIKETSAHALO TSA DITOKISETSO LE DIPHETHO
Diphetho tse batlwang
Ho nka seabo ha setjhaba ho tla tjhaelwa monwana ke khansele
Tshebetso e hlahiswang
Komiti ya Taolo ya MKN e rala tshitshinyo bakeng la mawa e ntse etse hloko tsela ya ho ikamahanya le molao ofe kapa ofe mohl. kgaolo ya 4 ya Molao wa Dihlohlomiso tsa Masepala le Melao ya MKN.
Tshitshinyo e fuwa Khansele bakeng la ho hlahlojwa le ho tjhaella monwana.
Ha mawa ana a se a tjhaelletswe monwana ke Khansele, Komiti ya Taolo ya MKN e nka boikarabelo ba ho a kenya tshebetsong.
Komiti ya Taolo ya MKN e hlahisa mawa kopanong ya pele ya Foramo ya Baemedi ya MKN.
B TATAISO MABAPI LE TSE KA HARE
Tse ka hare tse sisingwang
Mawa a ho nka seabo a lokela ho akaretsa qeto tse mabapi le dintlha tse kang:
Diabo tsa banka-seabo ba fapaneng nakong ya tshebetso ya ho nka seabo (mohl. Makhanselara, Komiti ya Taolo ya MKN, Foramo ya Baemedi ya MKN, Bahlanka ba bang, Ditsebi jj).
Ditsela tsa ho kgothalletsa boemedi dihlopheng tseo e seng ngatana e hlophisitsweng.
Mawa a ho nka seabo bakeng la mehato e fapaneng ya mekgwa e sebediswang.
Makgetlo a ho ba teng kopanong;
Sebaka se lokelang mabapi le dikopano;
Nako tseo ho dumellanweng ka tsona ho dumella ditshitshinyo mmoho le ditlatsetso;
Disebediswa tse lokelang mabapi le ho nka seabo.
Ditsela tsa ho phatlalatsa lesedi hara batho;
Ditsela tsa ho hlahisa le ho bokelletsa ditlhoko ho kenyelletswa ditokomane bakeng la ditlatsetso tsa ho nka seabo.
DINTLHA TSE SHEJWANG HA HO NTSHETSWA PELE MAWA A TLA THUSA BAKENG LA HO NKA SEABO HA SETJHABA
Ha ho etswa mawa mabapi le ho nka seabo, masepala o lokela ho sheba dintlha tse latelang:
Ditheo mabapi le ho nka seabo ha setjhaba
Khansele e kgethuweng ke yona e ka etsang qeto bakeng la MKN. Seabo sa ho nka seabo ka hara demokrasi ke ho tsebisa bohle ba amehang le ho rerisana le bona ka dintlha tse itseng. Hape ke ho fa ba nang le seabo monyetla wa ho fana ka ditlatsetso tsa mehopolo hodima diqeto tse nkuwang ke khansele.
Bakeng la ho etsa hore setjhaba se nke seabo e le ka nnete, molao o batla hore bomasepala ba etse maemo hore e be a loketseng a tla nolofatsa ho nka seabo ha batho. Sena ke tlhoko ya pele, mme ha e so felle. BoMasepala ba na le boikarabelo ba ho kgothalletsa setjhaba mmoho le dihlopha tse nang le tjheseho ho kena kgabong. Sena se lokela ho etswa ho shebilwe ba kojwana di mahetleng kapa ba neng ba kotetswe ke mmuso wa kgale ho ikamahantswe le maemo ao masepala a iphumanang a le ka hara ona.
Ho nka seabo ho bopehileng : Bongata ba bomasepala ba batjha ba baholo haholo ho latela bongata ba baahi le sebaka ho ka dumella ho nka seabo ho otlolohileng ha bongata ba batho bao e leng baahi metseng eo tshebetso ya moralo e leng e rarahaneng. Ho nka seabo ka hara moralo wa kopanelo wa ntshetsopele ho batla hore ho be le melao e hlakileng le metjha e tla hlalosa:
hore na ke mang ya nkang seabo ke mang ya ka se nkeng seabo ka ho otloloha, empa a lokela ho bonwa bakeng la dintlha tse ding (mohl. Bomasepala ba atamelaneng).
Ke dintlha dife tse tla etsa hore ho nkwe seabo ka ho otloloha ha ho kgonahala.
Phapano ya batho: Tsela eo ho nka seabo ha setjhaba ho bopilweng ka yona e tla etsa hore ho fanwe ka sebaka bakeng la ho fapana ka hara bomasepala ho latela
Ditso tse fapaneng
Boleng
Puo
Boemo ba thuto
Ditshenyehelo tsa ho ba le seabo di ka behwa bohatong bo dumelletsehang ebang ba lokelang ho nka seabo ba ka tsebiswa ka ntlha ya hore ke molemong wa bona ho ba karolo ya tshebetso ya moralo, mme sena ha se mosebetsi oo ba ka o lefellwang.
Moo ho ntshetswang pele mawa a ho nka seabo, masepala o lokela ho etsa bonnete ba hore maemo a matle a rena bakeng la ho nka seabo ha setjhaba ho lokileng. Tsena ke dintla tse ka shejwang:
Kenya maemo a matle tshebetsong bakeng la ho nka seabo ha setjhaba
Ho tsebisa setjhaba le ba nang le seabo:
Baahi le ba nang le seabo ba lokela ho bolellwa mabapi le maikemisetso a masepala a ho kena morerong wa tshebetso ya Moralo o Kopantsweng wa ntshetsopele. Ho etsa sena masepala o etsa bonnete ba hore mefuta e lokelang ya diphatlalatso jwalo ka diteishene tsa radio, mangolo a masepala jj. e a sebediswa bakeng la ho fihlela batho ba bangata ka nako e le nngwe. Ba nang le seabo ba se ke ba nahana hore ha ba nkelwe hlohong kapa ha se ba bohlokwa. Ha ho kgethwa mofuta o itseng wa phatlalatso ya lesedi (media), bomasepala ba lokela ho sheba ditshenyehelo tse amahanang le tsela eo ya ho phatlalatsa. Mohlala, ho ka etsa tefello e hodimo ho hlahisa papatso ka hara lesedinyana, mme sena ke monahano o lokelang ho qojwa.
Ditsela tse ding tsa ho tsebisa setjhaba ka ka ho latela metjha ya makhanselara. Makhanselara a lokela ho tsebisa batho ka hara di-Woto tsa bona ka mokgwa wa dikopano.
Mekga yohle e amehang a lokela ho mengwa hore a tlo nka seabo:
Setjhaba kaofela mmoho le ba nang le seabo ba lokela ho mengwa ho ingodisa jwalo ka ditho tsa Foramo ya Baemedi ya MKN. Masepala o lokela ho boloka dintlha tsohle ka batho bana bakeng la ho ka uwa ho bona nakong ya mehato e fapaneng ya tshebetso.
Tshebediso ya puo e lokelang.
Tshebediso ya puo e lokelang ke ntho ya bohlokwa bakeng la ho dumella ba nang le seabo hore ba nke seabo ka bolokolohi. Komiti ta Taolo ya MKN e lokela ho kgotsofatsa hloko ya ho hlwaya toloko e tla sebetsa maemong ao banka-seabo ba iphumanang ba sa utlwisisi puo e itseng.
Khetho ya sebaka se lokileng
Sebaka seo diketsahalo tsa setjhaba di etsahalang ho sona ke sona se tla laola hore na bongata ba batho ba tlang. Ho bohlokwa hore sebaka se kgethwang se ka fumaneha habonolo ke ba nang le seabo, jk bohaufi ba transporoto ya setjhaba ho bao ba hlokang makoloi.
Dinako tseo Foramo ya Boemedi ya MKN e dulang ka yona di lokela ho amohela bongata ba batho. Komiti ya Taolo ya MKN e lokela ho fumana nako e tla lokela bongata ba batho bakeng la ho tla dikopanong. Mafelo a beke le ona a lokela ho shejwa.
Dijo tse lokelang
Foramo ya Boemedi ya MKN e na le dikopano tse telele tse ka batlang hore batho ba fuwe dijo, mme ho shejwe hore batho ba rata dijo tsa mofuta ofe; mohl. ba sa jeng nama ba lokela ho nkelwa hlohong.
Baemedi ba lokela ho kgothaletswa ho fana ka raporoto mekgatlong ya bona.
Bakeng la ho dumella monyetla o lekanang bakeng la boemedi, setjhaba mmoho le ba nang le seabo ba lokela ho fuwa nako e ka etsang dibeke tse 2 ho isa ho tse 4 bakeng la ho tshwara dikopano kapa diseminara tsa mokgatlo, setjhaba kapa mekgatlo eo ba e emelang pele dintlha di ka sejetswa ke Foramo ya Baemedi ya MKN. Sena se lokela ho nkelwa hlohong nakong eo lenaneo le nako di etswang ka yona. Taba ya hore baemedi ba fane ka raporoto ka mora kopano ho bao ba ba emelang e lokela ho kengwa ka hara mokgwa wa boitshwaro wa Foramo.
Monyetla wa ba nang le seabo wa ho etsa ditshitshinyo tokomaneng e song ho phethelwe.
Tokomane e song ho phethelwe, e lokela ho fumaneha habonolo bakeng la baahi bohle le batho ba nang le seabo. Ho lokela ho ba le nako ya bonyane dibeke tse pedi bakeng la dikomiti tsa di-Woto, mekgatlo ya ba nang le seabo mmoho le bohle ba nang le tjheseho bakeng la ho sekaseka tokomane ena e song ho phethelwe pontsheng ya bohle le ho fana ka ditshitshinyo hodima yona pele Foramo ya Baemedi ya MKN e nka qeto hodima tokomane eo. Ho lokela ho elwa hloko taba ya nako ka hara lenaneo.
Dikopano tsa Khansele bakeng la ho tjhaelwa monwana
Dikopano tsa Khansele ka mora ho tjhaelwa monwana ha MKN di lokela ho bulelwa setjhaba kaofela.
Tokomane ya MKN e fumantshwe ba nang le seabo
Dikhopi tsa MKN e seng e phethahaditswe di lokelal ho fumanwa ke bohle ba nang le seabo mmoho le setjhaba. Ho tla ba bohlokwa hore ho kgutsufatswe sephetho sa moralo jk. tjhebelopele ya masepala, maikemisetso jj, mme sena se etswe ka dipuo tse fapaneng tse buuwang ka hara sedika sa masepala eo ya jwalo.
Ho kgothaletsa setjhaba ho nka seabo
Mmuso wa masepala ho latela motjha wa Komiti ya MKN mmoho le Makhanselara, o lokela ho sebedisa metjha yohle bakeng la ho etsa maemo e tla kgothalletsa setjhaba ho nka seabo.
Kgothaletso e lokela ho hatella hodima mekgatlo eo e sa itlhophisang hantle mme ebile e se na matla a ho ka hlahisa maikutlo a yona setjhabeng mohl. Mekgatlo ya bafutsanehi, basadi, batho ba sa felleng mmeleng, ba dilemo tse itseng ba kang letlobo le letjha, dikgutsana, le batsofadi jj. Masepala o lokela ho hlwaya dihlopha mme a be a shebe mekgwa eo di ka nkang seabo ka teng Foramong ya Baemedi ya MKN.
E nngwe ya ditsela tsa ho kgothaletsa ho nka seabo ha dihlopha tsena ke ho kenya NGOs (mekgatlo e seng ya mmuso) ka setotswana kapa batho ba nang le bokgoni ba ho ka emela ditabatabelo tsa bona.
TATAISO MABAPI LE HO KENYA TSHEBETSONG HO NKA SEABO HA SETJHABA
Ho nka seabo ha setjhaba ho ka se hlokahale ka mehla nakong eo ho nkuwang dikgato tsa moralo ka yona, mme ha se ditsela tsohle tsa ho nka seabo tse ka dumellanang le mohato ka mong wa moralo. Bakeng la ho fokotsa ditshenyehelo tsa ho nka seabo, mmoho le ho phahamisa sekgahla sa ho nka seabo, metjha ya ho nka seabo e tla lokela ho fapana ho tloha mohatong o itseng ho ya ho o mong. Komiti ya Taolo ya MKN e lokela ho ba le kutlwisiso e ntle ya Tataiso ya III hore ba kgone ho nka qeto ya ho matlafatsa leano la ho nka seabo mmoho le tsebediso e loketseng ya disebediswa tsa ho nka seabo mekgahlelong e fapaneng. Tataiso e latelang e ka thusa mabapi le qeto e ka nkuwang hodima disebediswa tse ka sebediswang bakeng la mehato e fapaneng ya moralo.
Kgato ya moralo Ditsela tsa ho nka seabo
Tshekatsheko
Dikopano tsa setjhaba tse hlophiswang ke makhanselara
Kopano ya ba nang le seabo
Diphuputso hodima dikarolwana tse itseng
Maikutlo ka dikgetho
Mawa
Seminara e shebaneng le mawa a sedika, e kenyeletsang baemedi bohle ba masepala, makala a provense le mafapha a mmuso wa naha mmoho le baemedi ba kgethuweng ba nang le seabo, le batho ba fanang ka tshehetso ya ditlhoko.
Foramo ya MKN ya Baemedi mohatong wa selehae.
Ho raosa dingangisano tsa pontsheng ho latela metjha e kang diketsahalo tsa setjhaba tse kang dikhonferense tsa masedinyana le dibaka moo ho tshohlwang tse itseng teng jj.
Diprojeke tsa moralo a Diprojeke/
Mananeo a masepala.
Dikomiti tse nyane tsa setekgeniki tse nang le baemedi ba mmalwa ba kgethilweng ba setjhaba le mekgatlo e nang le seabo.
Dipuisano tse matlafetseng pakeng tsa dikomiti tse nyane le baahi ba amehang.
Foramo ya baemedi ya MKN
Ho tjhaellwa monwana
Dipuisano tse etswang pepeneneng/metjha ya ditherisano ka hara setjhaba/mekgatlo e nang le seabo.
Monyetla wa hore setjhaba le mekgatlo e nang le seabo e fane ka ditshitshinyo
Ho beha leihlo le ho kenya tshebetsong
Foramo ya Boemedi ya MKN
HO RALWA HA LENANEO LA MOHATO O TLA LATELWA
Lenaneo la diketsahalo ke karolo ya Tshebetso ya Moralo e arabang dipotso tsena: se lokelang ho etswa, hona se etswa neng, hore se tla nka nako e kae, mme ke mang ya tla jara boikarabelo, ebile ke mang ya tla sebetsang mme ke ditlhoko dife tse tla hlokeha. Lenaneo la diketsahalo e lokela ho tsejwa ke bohle ba nang le seabo tshebetsong ya moralo wa MKN le tsepamiso ya ona. Ho rala Lenaneo la diketsahalo ke ntlha ya bohlokwa eo ho lokelwang ho ka ikamahanga le yona ebile ho ntse ho utlwisiswa Tataiso ya III le ho sheba Sebopeho sa Sedika. Ha se lesedi kaofela le hlokahalang le tla fumaneha bakeng la ho rala Lenaneo la diketsahalo nakong ya kgato e hlekelang sebae. Diketsahalo tse ding di lokela ho kenyelletswa le ho hlaloswa nakong e tla latela (mohl. ha feela ntlha tse tlang pele di ka tsejwa, ho hlokahala ha hore diketsahalo tsena di sekasekwe ke hona ho tla hlakiswa).
A DIKETSAHALO TSA DITOKISETSO LE DIPHETHO
Diphetho tse batlwang
Lenaneo la diketsahalo e thehilweng hodima Dikgato tsa MKN le Moralo wa diketsahalo ho kenyelletswa:
ditshebetso/mesebetsi/diketsahalo bakeng la ho lokisa le ho phethela ketsahalao ka nngwe ya Moralo.
Lebitso la motho ya tla bang le boikarabelo bolaoding, botsamaising le/kapa tokomane ya Diketsahalo tsa Moralo.
Letsatsi la ho qala mmoho le boholo ba nako e lebelletsweng.
Mabitso a batho/dibopeho tse batlang ho kenyelletswa le hore (mohl. tsamauwa dikopano/hlahiso); le
Dithloko tse hlokahalang ( tse kang ditsebi/sebaka/tsela ya phepo/ditjhelete/diphetolelo) mmoho le ditshenyehelo.
Tsela ya ho hlophisa e hlahiswa Sehlomathisong sa 2.
Tshebetso e sisingwang
Molaodi wa MKN mmoho le Komiti ya Taolo ya MKN ba lokela ho:
Lekola diketshahalo kgatong ka nngwe mme ba akanye nako e behilweng ho tswa ho Tataiso ya III mmoho le Kopano e mabapi le ho tsebisa ka tse tswellang pele ka hare ho Sedika.
Ho fana ka tokomane e so phethelweng ya Lenaneo la diketsahalo bakeng la Seminara e mabapi le Sebopeho ya Sedika.
Ho buisana le ho dumellana ka Lenaneo la Sebopeho ya Sedika jwalo ka motheo wa Lenaneo la Masepala.
Amantsha Lenaneo la diketshalo maemong a selehae.
Phethela Lenaneo la Mohato o tla latelwa ka ho:
sheba dibopeho tsa mokgatlo le ho hlalosa diabo le maikarabelo ka hara dibopeho tseo.
Ho kenyelletsa diketshahalo tse mabapi le ho kena motjheng (tsepamo).
Kenyelletsa ho nka seabo ha setjhaba qolla dihloko tse batlehang (ditsebi, sebaka, tsela ya phepo).
B TATAISO YA TSE KA HARE
Dintlha tse lokelang ho shejwa bakeng la nako e behilweng ya Lenaneo la diketsahalo.
Tafole ya Sehlomathiso sa 1e hlahisang Sebopeho sa nako e behilweng e lokela ho shejwa ha ho ralwa Lenaneo la Sebopeho le diketsahalo.
Lenaneo la diketsahalo e lokela ho sheba maemo a selehae (jk makgetlo a dikopano tsa Khansele) mme e ikamahanye le nako ya tshebetso ya ditekanyetso ya masepala, mme ho elwe hloko hore diketsahalo tse ikamahanyang le ditekanyetso di tla nkuwa e le karolo ya tshebetso ya MKN.
Ho etsa bonnete ba hore diphetho tsa tshebetso ya MKN ke tse kgotsofatsang masepala, mme Khansele ya Masepala e tla lokela ho kopa diphetoho diphetong nakong ya tshebetso. Hore sena se etsahale, re khothalletsa tshebetso e itshetlehileng hodima mehato moo diphetho tsa mohato ka mong e leng ho:
fana ka hlokomediso ho Foramo ya Baemedi ya MKN mabapi le hore tshebetso e ka tswella le ho ka tjhaelwa monwana.
Ho behwa tafoleng le ho sekasekwa ke Khansele ya Masepala
Ho bohlokwa haholo hore nakong eo Masepala a ntseng e sheba diphetho tse itseng tsa tshebetso ya MKN, tshebetso e nne e tswelle mme e se emiswe, le ha diphetho di sa kgotsofatse. Dikananelo tse tswang ho Khansele ya masepala di tla kenyelletswa mme di elwe hloko.
DITSELA LE METJHA BAKENG LA TSEPAMO / BOIKAMAHANYO
Tshebetso ya moralo ya MKN ke tshebetso ya selehae e batlang ditlasetso tsa mehopolo le tshehetso ho tswa mahlakoreng a mang a mmuso mehatong e fapaneng. Pele ho ka qalwa ka tshebetso ya moralo, bomasepala ba lokela ho utlwisisa hore na ho tsepama kapa ho kena motjheng ho ka fihlellwa feela ha ka ho latela ditsela difeng. Ho ikamahanya kapa hona tsepamo ke sesebediswa se sebetsang jwalo ka sekopanya-ditho, mme se kopanya tshebetso ya moralo ho tloha botlaseng le bohodimong pakeng tsa makala a a fapeneng a mmuso.
Ditsela tsa ho tsepama kapa ho ikamahanya ke ditho tsa Tshebetso ya Moralo mmoho le Sebopeho. Ho lokela ho fihlelwa sena pakeng tsa bomasepala ba selehae le ba sedika, mme mekga e amehang ho keneng motjheng hona e lokela ho tsebiswa.
Ho teng mefuta e mmedi ya ho ikamahanya/tsepamo e batlehang:
Pakeng tsa bomasepala le didika tse lokelang ho etsa bonete ba hore tshebetso ya moralo le dintlha tse ding di kopangwa le ho sebetseha hantle. Sedika se na le boikarabelo ba ho etsa bonnete ba hore tsepamo e teng pakeng tsa bomasepala.
Pakeng tsa masepala wa selehae (bomasepala/didika) le makala a mang, haholo makala a mafapha a naha/provense mmoho le makala a kgwebo a bafani ba ditsheletso (jk Eskomo le telekomo) mme sena se etswa ho etsa bonnete ba hore MKN e ikamahanya le melao mmoho le ditsela tsa naha le diprovense, hore e tle shejwe bakeng la ditekanyetso tsa mafapha. Mafapha a provense a Mmuso wa Selehae a lokela ho bapala karolo ya ho kopanya bakeng la ho etsa hore mahlakore ohle a utlwisisa bohlokwa ba ho tsepama/ikamahanya mmoho le seabo sa ona ka hara tshebetso ya selehae ya MKN.
A DIKETSAHALO TSA DITOKISETSO LE DIPHETHO
Diphetho tse batlehang
Diphetho tse batlahalang di lokela ho hlahoswa di kgaohantswe bakeng la mefuta ya tsepamiso (pakeng tsa bomasepala le didika tse lokelang/pakeng tsa masepala ba selehae le mahlakore a mang/bafana ka ditshebeletso ba kgwebo);
Lenane la banka-seabo le lokela ho kenyelletswa ka hara tshebetso ya tsepamiso.
Diketsahalo tsa tsepamiso (Jwalo ka phallo ya lesedi mmoho le diketsahalo tsa moralo tse kopantsweng) kgatong ka nngwe ho bolelwa nako le banka-seabo ba lokelang ho kenyelletswa.
Ditsela tsa ho rarolla qaka bakeng la ho kenya motjheng/tsepamisa banka-seabo ba fapaneng.
Tshebetso e sisintsweng
Tshebetso ya ho fihlella metjha ya tsepamiso eo ho dumellanweng ka yona e dumellana le tshebetso ya kakaretso ya ho fihlella Sebopeho.
Komiti ya Taolo ya MKN hodima tsepamiso e teng ha jwale e batla kopano e mabapi le Sebopeho boemong ba Sedika, mme sena se thehwe hodima mokgwa wa diphuputso wa Tataiso ya III.
Kopanong/seminareng ho etsa lenane le kopantsweng la dithloko tsa tsepamiso, mme ho buisanwe ka ditsela tse tla matlafatsa tsepamiso.
ho dumellana ka ditsela tsa tsepamiso mabapi le nako mmoho le banka-seabo ba tla kenyelletswang.
Ho sisinya bakeng la dingangisano mmoho le diqeto ka ditsela tsa ho rarolla diqaka kapa diphapano pakeng tsa bomasepala ba selehae le ba sedika.
Masepala wa sedika a ikopanye ka tsela ya dikopano, mangolo le mafapha a diprovense le a mmuso wa naha mmoho le bafani ba ditshebeletso ba kgwebo. Lebaka la dikopano ke ho hlakisa dithloko tsa masepala le tsa sedika tse mabapi le tsepamiso mme a dumellane le bona ka ditsela tse ka shejwang.
Masepala ka mong a lekole ka moo tsepamiso e leng ka teng ha a rala lenaneo la ketsahalo le nako e behilweng.
B TATAISO YA TSE KA HARE
Ditlhoko tsa tsepamiso/boikamahanyo di lokela ho fokotswa hore ditlhoko tsa ho hokahanya di be maemong a ka laolehang.
Ditsela tse fapaneng tsa tsepamiso di tla loka bakeng la ditlhoko tse fapaneng tsa tsepamiso kgatong tse fapaneng.
Sena se bolela hore ho ya ka ditsela tsa tsepamiso:
ho etsa hore diketsahalo tsa tsepamiso (diseminara le dikopano) di be mmalwa ka lebalka la nako le ditjhelete tse batlehang kopanong ka nngwe.
Ho sebedisa tsela ya dikgokahanyo e amang mmui le mmuiswa ka nako e le nngwe - founu/ eleketroniki/mmoho le tsela ya ho ngola.
Diketsahala tse nang le batho ba bangata ba hlahang makaleng a fapaneng hangata di tla batla motsamaise wa makgonthe ya tsebang taba tsa bona. Motsamaise o lokela ho ngola tsohle tse mabapi le sepheto.
Tsepamiso hodima mafapha a provense e ka nna ya fihlelwa ha diprovense di tjhakela didika.
Ho thehwa ha sebopeho se kenyang diprovense, didika le bomasepala e ka ba tsela ya bohlokwa e ka amohelehelang.
Bomasepala ba selehae le sedika ba ka kena motjheng ka ho utlwana le baahisane le bona ba bomasepala ba bang mabapi le ntlha tse ba amang.
Batho ba sisintsweng ba lokelang ho kena tshebetsong ya tsepamiso
Pakeng tsa masepala le sedika se nepaneng:
Molaodi wa MKN wa Khansele ya sedika le Molaodi wa Komiti ya Taolo ya MKN.
Molaodi wa MKN wa Khansele ya selehae le Komiti ya taolo ya MKN
Pakeng tsa mmuso wa selehae le mahlakore a mang/bafani ba ditshebeletso ba kgwebo:
Molaodi wa selehae wa MKN
Molaodi wa sedika wa MKN
Mohokahanyi wa provense wa MKN
Bahlanka ba phahameng ba makala a provense/a naha
Bahlanka ba phahameng ba tswang makaleng a bafani ba ditshebeletso (Eskomo, Boto ya Metsi, le Telekomo).
Sebopeho sa Bolaodi bo sisintsweng ho etsa bonnete ba hore tsepamiso e kengwa tshebetsong.
Bakeng la mefuta e mmedi ya tsepamiso, (pakeng tsa bomasepala le didika tse nepahaneng/pakeng tsa mmuso wa selehae le mahlakore/bafani ba ditshebeletso) boikaranbelo bo ka sehlohong bo hodima masepala wa Sedika.
Molaodi wa MKNo lokela ho tiisa tsepamiso e mabapi le ditaba tsa selehae.
Lefapha la Mmuso wa selehae wa Provense o bapala karolo e kgolo jwalo ka mohokahanyi ho tiisa tsepamiso boemong bo ka hodimo ho kgato ya Sedika le pakeng tsa didika ka hara provense.
Moo ba nang le sebaka se lekaneng, dibaka tsa PIMS tse thehilweng boemong ba Sedika, di ka tshehetsa bolaodi ba tshebetso e malebana le tsepamiso.
Didika tse se nang dibaka tsa PIMS di lokela ho kgetha motho ya nang le boikarabelo ho laola tshebetso ya tsepamo.
mo ho nang le bommasela ba Sedika ba sa sebetseng hantle, (mohl. Didika tse ntjha tse qetang ho thehwa), bomasepala ba lokela ho kgetha masepala ya nang le boikarabelo mmoho le motho ka hara masepala ya tla laola tshebetso lebitsong la bomasepala ka hara Masepala wa sedika.
Tsepamiso e sisintsweng ho latela kgato ka nngwe.
Ho latela boleng ba kgato ka nngwe, tsepamiso e ka ba ya bohlokwa haholo kapa ya se ke ya eba bohlokwa, mme ditsela tse tshwanetseng le tsona di tla fapana. Tafole ena e etsa tsitshinyo mabapi le bonyane ditlhoko tsa tsepamiso bakeng la mefuta e mmedi ya ditsepamiso kgatong ka nngwe. Nako e behilweng e hlahiswang tafoleng, e hlalosa Lenaneo la nako e hoketsweng Sehlomathisong sa 1.
Kgato
Diketsahalo tsa tsepamiso
Masepala wa Selehae/Sedika
Mmosu wa selehae/mahlakore a mang
Ya 7
Ya 14
Diqeto tse kopantsweng hodima tataiso ya selehae
Ya 15 - 28
Seminara ya Mawa boemong ba Sedika
Ya 23 - 27
Tlatsetso tsa setekgeniki hodima moralo wa dirpojeke
Ya 28 - 30
Mananeo a makala tlasa boikarabelo ba makala mafapheng a provense/ a naha.
Ya qetelo 33
Ya 34 - 36
Ya 36 - 37
Ho bokella Kgutsufatso MKN ya lehae boemong ba Sedika.
MELAO E TLAMANG LE DITLHOKO TSA MORALO
BOEMONG PROVENSE LE
BA NAHA
Ho etsa hore melao yohle e tlamang boemeong ba naha le ba provense, ho kenyelletswa ditheo, mananeo, ditsela mmoho le ditjhelete tse ka fumanehang di a shejwa tshebetsong ya moralo wa MKN, bomasepala ba lokela hore ba ele hloko lesedi lena le nepaneng. Hore ho phahamiswe tshebetso, mme ho fokotswe ditshenyehelo, Didika di lokela ho fana ka lesedi le batlehang ho bomasepala.
A DIKETSAHALO TSA BOITOKISO LE DIPHETHO
Diphetho tse batlehang
Lenane le kopantsweng la Sedika la molao o tlamang wa mmuso wa naha le wa provense ho kenyelletswa sehlopha sa ditlhoko (tlhoko tsa semolao bakeng la moralo wa masepala , tlhoko ya semolao jwalo ka karolo ya MKN, e dumellanang le sebopeho seo e leng sa molao) (lenane le sisintsweng molaong wa naha, ikamahaye le sehlomathiso sa 3).
Lenane la ditheo tsohle , mananeo mmoho le ditokomane.
Tshebetso e hlahisitsweng
Mmsepala wa sedika ka tshehetso ya Mohokahanyi wa provense wa MKN o lokisa lenane la Molao wa Provense mmoho le lesedi la bohlokwa la Provense le naha bakeng la Seminara e mabapi le Sebopeho.
Masepala wa sedika o fana ka lenane Seminareng ya Sebopeho mme o thusa bomasepala hore ba tlwaele ditlhoko tsa makala a mafapha a provense mmoho le ditheo/mananeo/ditjhelete/le batho bao ho ka ikopangwang le bona.
B TATAISO YA TSE KA HARE
Sebedisa monyetla wa ho ikopanya le mafapha a mmuso wa provense le naha ho theha dikamano bakeng la tsepamiso le ho hlalosa bohlokwa ba lesedi hodima ditheo, mananeo le ditjhelete ho etsa bonnete ba hore MKN e ikamahanya le ditlhoko tsa makala mme e ka boela ya ngoka ditekanyetso tsa makala ao.
DITEKANYETSO TSA
TSHEBETSO YA MORALO
Ditshenyehelo bakeng la tshebetso ya MKN di lokela ho lekangwa ke masepala. Ditekanyetso di sebetsa jwalo ka motheo bakeng la ho etsa kopo ya ditjhelete ho tswa boemong ba provense le ba naha. Di ka boela tsa thusa bolaodi ba masepala ho sheba hore ebe ditshenyehelo tsa tshebetso ke tse utlwahalang ho ikamahantswe le dintlha tse ding tsa ditekanyetso. Mabapi le moo ditshenyehelo tsa moralo di leng hodimo ka tsela e sa amoheleheng, ho lokela ho shejwa Tshebetso ya Moralo hore ho fihlellwe tshebetso e tlase mabapi le ditshenyehelo, kapa ho shejwe ditlatsetso ho tswa mehloding e meng.
A DIKETSAHALO TSA BOITOKISO LE DIPHETHO
Diphetho tse batlehang
Lenane la ditshenyehelo ho latela tshenyehelo yuniti ka nngwe, bongata ba diyuniti ho latela ntlha ka nngwe ya tshenyehelo.
Ditekanyetso tsa bohlokwa/dintlha tsa ditshenyehelo tse lokelang ho qollwa ke tse latelang:
Ditshenyehelo tsa ho batla keletso ho ditsebi
Ditshenyehelo tsa motsamaisi/monolofatsi qakeng.
Ditshenyehelo tsa ho phatlalatswa lesedi.
Ditshenyehelo bakeng la diseminara le dikopano ditshenyehelo bakeng la dikgatiso
Tshebetso e sisintsweng
Ditlhoko tse batlehang di lokela ho bontshwa ka hara lenaneo la nako e behilweng le Ditlhoko tse batlehang@ bakeng la diketsahalo tse tsa sehloho tsa moralo.
Ho shebile tafole, ditshenyehelo di ka sebetswa tsa ba tsa kgutsufatswa ke mofuta wa tshenyehelo.
Mabapi le moo ditshenyehelo kaofela di leng boemong bo hodimo, Komiti ya Taolo e tla buisana ka ditsela le mekgwa ho fokotsa ditshenyehelo, mme sena se ka etswa ka ho shejwa mekgwa e tlase ya ho beha ditshenyehelo e le hore ketsahalo ya ho rala e fihlelwe, kapa ho nyehlisa ditsela tseo diketsahalo tsa moralo di ralwang ka yona.
B TATAISO YA TSE KA HARE
Ha ho bonolo ho noha ditshenyehelo kaofela pele ho ka qalwa ka tshebetso ya moralo, mme ditekanyetso tsa tshebetso ya MKN di tla etswa feela e le boinahanelo ba ho ka lekanyetsa.
Tekanyetso ya Tshebetso ya MKN ya Masepala ya bohareng (average) wa Sehlopha sa B ( ya ka bang le baaho ba 100 000) e ka se fete tjhelete e kana ka R200 000,00
Ditlhoko mabapai le lesedi kamehla di hodimo ka tefello. Sena se bonahala e le nnete haholo dibakeng tsa mahae moo batho ba teng ba fumanang lesedi le nang le meedi. Maemong a tjena, ho lokela ho elwa hloko hore ha se lesedi kaofela le nepaneng le ka bokellawang nakong ya tshebetso ya pele ya MKN ya Masepala ya motjha. Moralo o nepahetseng o ka etswa ho latela ho lekanyetswa ho tswileng matsoho.
Ditshenyehelo tsa ho nka seabo di ka behwa boemong bo amohelehang ha feela ba lokelang ho ba nang le seabo ba hlokomediswa hore ke molemong wa bona hore ba kenele tshebetso ya moralo, ebile sena ha se mosebetsi oo ba lebelletseng hore ba o ka o lefellwa ha ba o etsa.
Ho teng bongata ba mafapha mmoho le baeletsi ba fumanang karolo ya bona ya ditlhoko tsa moralo tse phuthetsweng ke MKN. Ba bang ba baeletsi bana ba kang (DLA, DWAF, CMIP, LED, ISRD,) ba lebeletswe ho lefa karolo ya ditshenyehelo tsa moralo, mme ho kgothalletswa hore ditshenyehelo tsa moralo di haloswe ho latela dithloko tsa bona.
SEBOPEHO
Sebopeho ke tataiso e kgolo ebile ke ya bohlokwa bakeng la ho tsepamisa tsebetso ya moralo pakeng tsa bomasepala le pakeng tsa bomasepala le didika tse nepaneng. Sebopeho se lokela ho ntshetswa pele ka tsela ya diseminara tse kopantsweng, mme sena se tlama didika mmoho le bomasepala ba selehae maoto le matsoho.
A DIKETSAHALO TSA DITOKISETSO LE DIPHETHO
Diphetho tse batlehang
Selelekela
Lenaneo la Sebopeho
Ditsela mmoho le metjha e latelwang bakeng la tsepamiso le ho ya bathong ba bang ka maikemisetso a ho fumana lesedi (sheba kgaolo ya 6).
Morero o tlamang semolao mmoho le Ditlhoko tsa Moralo (sheba kgaolo ya 7).
Ditsela mmoho le metjha e latelwang bakeng la ho beha leihlo Tshebetso ya moralo le ho fetolwa ha Sebopeho.
Tshebetso e sisintsweng
Kopano ya Sedika moo Balaodi ba MKN ba behwang leseding mabapi le:
Tshebetso ya moralo le ditsela tse latelwang
Molao (Dibopeho tsa Masepala le Molao wa Dihlohlomiso tsa boMasepala).
Dihlohlomiso tsa tshehetso
Masepala o kgwaritsa lenaneong e so phetheheng e nang le dihloko tsa tsepamiso.
Didika di lokela ho etsa seminara e tla kenya lenane la melao e tlamang mmoho le dithloko tsa moralo.
Diseminara tsa Sebopeho boemong ba sedika mabapi le:
Ho kopangwa ha mananeo le ho dumellana ka Lenaneo la sebopeho.
Ho buisana le ho dumellana ka molao o tlamang le ditokomane tse nepaneng.
Khansele ya Sedika e amohela Sebopeho.
Sebopeho se lokela ho lekolwa ke bomasepala bohle ba ka hara meedi ya sedika ha ba ntse ba lokisa Tshebetso ya moralo.
B TATAISO YA TSE KA HARE
Lenaneo la Sebopeho ke kgutsufatso ya Lenaneo la diketshahalo tsa sedika le Lenaneo la diketsahalo sa Masepala, mme e shebane le diketsahalo tse phatlalletseng tsa sedika tse lokelang ho phethahatswa mmoho ka tsela e hokahanyang (mohl. Seminara e mabapi le mawa ya sedika). Ka mantswe a mang, ke sesebediswa bakeng la tsepamiso pakeng tsa bomasepala le didika tse nepaneng.
Ditheo le metjha bakeng la ho beha leihlo ka hara Tshebetso ya Moralo le ho fetolwa ha Sebopeho.
Masepala ka mong o tla ba le boikarabelo bakeng la ho beha leihlo ka hara tshebetso ya Moralo wa ona ho etsa bonnete ba hore Lenaneo la Sebopeho e ntse e le motjheng jwalo ka ha ho dumellanwe.
Metjha e latelwang e hlahisitsweng bakeng la ho kgeloha.
Theha Komiti ya Balaodi ba MKN e kopanang ka mora mohato ka mong, lebaka ke ho sheba tswelopele hore ho nkwe diqeto ka diphetoho tse ka bang teng.
Masepala ka mong a tsebise Masepala wa Sedika ka ho tswa lekoteng/kgeloha mabapi le Lenaneo la mehato e tla latela e ka amang diketshahalo tsa Sedika mohl. ho hlwauwa ha dintlha tsa Masepala tse lokelang ho tla pele tse salletseng morao mmoho le mawa a sedika a lokelang ho behelwa nako e tlang.
Masepala wa sedika o na le matla a ho etsa qeto ya hore diphetoho di ka etswa neng, jwang, le ho fetisetsa ketsahalo nakong e tlang kapa ho e tswellisa ka lenaneo leo ho dumellanweng ka yona; kapa
Bomasepala kaofela ba lokela ho dumellana pele Sebopeho se ka fetolwa.
SEHLOMATHISO 1
Nako
MOHATO 1: TSHEKATSEKO
Dibeke
Moralo wa ketsahalo 1/1 ?1/10
/2 Tshekatsheko ya Setjhaba le ba nang le seabo
/4 ? 1/6 Tshekatsheko ya masepala
/7 Ntlha tse tlang pele
/8 ? 1/9 Tshekatsheko e tebileng
/10 Kopanyo ya diphetho tsa tshekatsheko
MOHATO 2; MAWA
Moralo wa ketsahalo 2/1-2/10
/1 ?2/2 Tjhebelopele le maikemisetso
/3 Tataiso ya mawa selehae
/4 Hlahloso ya dithuso
/5 Sibolla mawa a ka thoko
/6 Ngangisano tse pepeneneng
/7 Seminara ya mawa a sedika
/8/-2/9 Tshekatsheko le diqeto
/10 Qeto tsa selehae
MOHATO WA 3:DIPROJEKE
Moralo wa ketsahalo 3/1-3/10
/2 Phano ya tekanyetso tse qalang
/3 Rala hlahiso tsa diprojeke
/4 Sehlopha se hlwailweng ho nka seabo
/5 Balekane diprojekeng
/6 ?3/9 Qeto tsa diprojeke tsa setekgeniki
Moralo wa ketsahalo
/1 Thuto ya pele
/2 Lenaneo le diprojeke tsa kopangwa
/3-4-14 thuto ya bobedi ya ho kopangwa
MOHATO 5: HO TJHAELWA MONWANA
Moralo wa diketsahalo
/1-5/3 Dikananelo le ho hokela
/4 Ho kwenyelletswa/ho araba
/5 Ho amohelwa ha qetelo ke khansele
/6 kgutsufatso tsa boemo ba sedika
Mohato wa tshekatsheko o lokela ho nka palohare ya dikgwedi tse tharo hore o fele. Diketsahalo kaofela tsa Moralo di lokela hore di etsahale ho latela nako e behilweng
MOHATO WA 1: TSHEKATSHEKO
Ketsahalo ya moralo
Mosebetsi
Motho ya ikarabelang
Nako e behilweng
Banka-seabo
Ditlhoko tse batlehang mmoho le ditshenyehelo
/1: Pokello ya lesedi le teng
/2 :Tshekatsheko boemong ba setjhaba le ba nang le seabo
/3: Ho lekanya lesedi le teng le ho sekaseka setjhaba le bang le seabo
/4: Tshekatsheko ya masepala e akaretsang
/5: tshekatsheko ya tikoloho
/6: Maemo a moruo le phedisano/phapano ho ya ka boleng
/7: Ho hlwauwa ha dintlha tse lokelang ho tla pele
/8: Tshekatsheko e tebileng ya ntlha tse tlang pele: Tataiso ka kakaretso
/9: Tshekatsheko e tebileng ya ntlha tse tlang pele: Tataiso ya makala
DITOKISETSO ? SEHLOMATHISO 2
Mohato o shebaneng le mawa o lokela ho nka palohare ya dikgwedi tse pedi ho fihla pheletsong. Ketsahalo ya Moralo e lokela ho etsahala ka hara nako ena,
Ketsahalo ya Moralo
Mosebetsi
Motho ya ikarabelang
Nako e behilweng
Banaka-seabo
Ditlhoko tse batlehang mmoho le ditshenyehelo
II/5: Tshibollo ya mawa a mang a fapaneng le a tshebetsong
II/6: Ho Hlophisa Dikopano tsa mawa boemong ba sedika
II/10: Ho rala ditsela: Tataiso e shebaneng le makala
II/11: Ho rala mawa: Mehlala
II/12: Ho hokanya mawa a sedika le masepala
Mohato wa diprojeke o lokela ho nka palahare ya dikgwedi tse 2 ho fihla pheletsong. Ketsahalo ya moralo mohatong ona e lokela ho etsahala ka hare ho nako eo e e baletsweng
Mosebetsi
Motho ya nang le boikarabelo
Nako e beilweng
Banka-seabo
Ditlhoko tse batlahalang mmoho le ditshenyehelo
III/1: The ho ya sehlopha se shebanang le ho thehwa ha diprojeke
III/3: Ho ralwa ha ditshitshinyo tsa diprojeke
III/5: Ho kena kgabong ha balekane ba diprojeke
III/8: Diphetho tsa diprojeke/se batlwang/dibaka
III/10: Ditshenyehelo/Ditekanyetso/mehlodi ya tjhelete.
Mohato wa ho kopangwa o lokela ho nka bonyane palohare ya dibeke tse 6 ho ka phethahatswa. Diketsahalo tsa moralo tsa mohato ona di lokela ho ho etsahala ka hara nako ena
Ketsahalo ya moralo
Mosebetsi
Motho ya ikarabelang
Nako e balletsweng
Banka-seabo
Ditlhoko tse batlehang le ditshenyehelo
IV/4: Moralo wa selemo wa tsa ditjhelete
IV/5: Lenaneo la selemo ya ho tsetelwa ha matlotlo
IV/7: Lenaneo le kopantsweng ya ntshetsopele ya moruo
IV/8: Phokotso e kopantsweng ya bofuma/lenaneo la tokano ya boleng
IV/9: Lenaneo le kopantsweng ya sebaka
IV/11: Ditshupisi tsa bolaodi ba ketsahatso
IV/12: Lenaneo la ho kengwa tshebetsong ha mokgwa wa kopanelo
Mohato wa ho tjhaela monwana o lokela ho nka bonyane dibeke tse 6 bakeng la ho fetisetswa ho letona. Diketsahalo tsa Moralo tsa mohato ona di lokela ho etsahala ka hara nako e boletssweng
MOHATO WA V: HO TJHAELLWA MONWANA
Diketsahalo tsa moralo
Mosebetsi
Motho ya nang le boikarabelo
Nako e baletsweng
Banka-seabo
Ditlhoko tsa batlehang le ditshenyehelo
V/1: Ho fana ka monyetla wa ho etsa ditshitshinyo ho tswa ho mmuso wa naha/provense
V/2: Seminara e boemong ba Sedika bakeng la ho hokelwa ho rapameng
V/3: Ho fanwa ka monyetla wa ditshitshinyo ho tswa ho setjhaba
V/4: Ho kopanya/ho fana ka dikananelo tse tswang setjhabeng/sedikeng le ho tswa ho a mang a mafapha a provense/naha
V/5: Ho amohelwa ha tokomane ha mafelo ke masepala
V/6: Ho kgutsufatswa ha MKN ke boemo ba Sedika
LENANE LA MOLAO WA NAHA O TLAMANG
Ditlhoko tsa makala
Bakeng moralo boemong ba masepala
Moralo wa Ntshetsopele wa Ditshebeletso tsa Metsi
Moralo wa Transporoto/dipalangwang o kopantsweng.
Moralo wa Taolo e kopantsweng ya Ditshila (e lokelang ho hlakolwa mme bakeng la yona ho kengwe moralo wa tikoloho jwalo ka tlhoko e lokelang ho kenyeletswa jwalo ka ka setho ka hara MKN)
Bakeng la ho moralo wa makala a lokelang ho kenyelletswa jwalo ka ditho ka hara MKN
Mawa a kaho ya matlo le palo e lokelang ho fihlellwa.
Dintlha tsa Taolo lebopong la lewatle
Moralo wa sebopeho se kopantsweng
Moralo wa eneji (matla) o kopantsweng,
Bakeng la ho dumellana le ho thehwa ha sebopeho
Molao o mabapi le Ditheo tsa Taolo ya Tikoloho.
Molao o mabapi le Ditheo tse Potlakisang Ntshetsopele
Moralo wa tshebediso ya Tikoloho
Moralo Taolo ya Tikoloho
Lenane-tsamaiso la selehae 21
USEFUL CONTACTS - DINOMORO TSE MOLEMO TSA BAO O KA ITEANYANG LE BONA
Ke bana ba ka hodimo, ka tlatselletso ya bana ba latelang:
